Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Hlaha Ha Kreste Ho Ne Ho Sa Khetheha

    Ebe eo ke Kreste? Batho ba ile ba talima Ea neng A sa tsoa phatlalatsoa e le Mora oa Molimo ka ho tšoha le ka ho makala. Ba ne ba ile ba angoa haholo ke mantsoe a Johanne. O ne a buile lebitsong la Molimo. Ba ne ba mo mamela letsatsi ka letsatsi, ha a ntse a khalemela libe, ‘me ba ne ba kholoa ka ho tlala, hore o rōmiloe ke leholimo. Joale ebe Eo E moholo ho feta Johanne Eena ke mang? Ho ne ho se se bontšang boemo ba Hae liaparong tsa Hae le kamoo A neng A ikukile ka teng. O ne A bonahala e le motho ea tlase, ea ikaparetseng liaparo tsa bofutsana.EN 85.4

    Ba bang ho batho ba neng ba bokane moo, ba ne ba be ba le teng kolobetsong ea Kreste, ‘me ba na ba utloa lentsoe la Molimo. Empa sebōpeho sa Mopholosi se ne se fetohile haholo. Ha A kolobetsoa, ba ne ba ile ba bona sebōpeho sa Hae se fetoha, se chabeloa ke khanya ea leholimo; empa joale ha A se A khathetse, A sohlokehile, O ile A tsejoa ke Johanne feela.EN 86.1

    Empa batho ba ile ba bona hore sefahleho sa Hae, se tletse mohau oa leholimo, o kopaneng le matla. Chalimo le tšobotsi ea Hae e ne e tletse boikokobetso, ‘me e bontša lerato le ke keng la boleloa. Batho ba ne ba thabisoa ke ho boha matla A Hae, A neng A ipatile, empa A ke ke a patoa. Ebe Enoa ke Eena eo Baiseraele e neng e le khale ba Mo lebelletse na?EN 86.2

    Jesu O ile A tla ka bofutsana le boikokobetso e le hore E tie e be mohlala, esita le Mopholosi oa rōna. Haeba A ne A tlile ka boemo bo phahameng ba borena, O ne A ka ruta boikokobetso joang? E ne e ka ba tšepo ea ba tlase joang, ha A ne A ka tla joaloka morena har’a batho?EN 86.3

    Empa bongata bo ne bo sitoa ho lumela ho re Ea supiloeng ke Johanne ke Eena eo ba Mo lebeletseng ho ba phahamisa. Ba bangata ba soaba, ba nyahama.EN 86.4

    Mantsoe ao ba neng ba a lebeletse hore Jesu A a bue -a hore joale O se A tla buseletsa Iseraele ‘muso oa eona -a ne e-s’o buuoe. Baprista le baruti ba ne ba ka amohela morena ea joalo kapele-pele. Empa ba ne ba sitoa ho amohela Ea neng A batla ho haha ‘muso oa ho lōka ka lipelong tsa bona.EN 86.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents