Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sebini Se Thabileng

    Hangata Jesu O ne A bontša thabo ea pelo ea Hae ka ho bina lipesalema le lipina tsa leholimo. Hangata baahi ba Nasaretha ba ne ba ee ba utloe lentsoe la Hae le phahame le rorisa Molimo ka pina. Ha metsoalle ea Hae e ne e belaela ka mokhathala, ba ne ba tsosolosoa ke meloli e monate e tsoang molomong oa Hae.EN 44.4

    Ka lilemo tseo tsa boikhutso tsa bophelo ba Hae tseo A li qetileng Nasaretha, bophelo ba Hae bo ile ba phalla ka melatsoana ea kutloelo-bohlōkō le mehauhelo. Maqheku, ba soabileng, ba imetsoeng ke libe, bana ba bapalang, libōpuoa tse ‘nyane tse phelang merung, liphoofolo tse bofang — kaofela tsa thabisoa ke boteng ba Hae. Eena eo lentsoe la Hae le tsoereng mafatše, O ne A inamela fatše A thuse nonyana e tsoileng kotsi. Ho ne ho se letho le tlase hoo A ke keng A le hlokomela kapa A le thusa. Ka tsela e joalo O ile A hola hlalefong le boemong le molemong pel’a Molimo le batho. O ile A ipontša hore O na le mohau ho bohle. Moea o Mo pota-potileng oa tšepo le sebete oa Mo etsa lehlohonolo ho bohle bao A ba sebeletsang. Hangata ka letsatsi la Sabatha O ne A kopjoa ho tla bala thuto e tsoang mangolong a baporofeta, ‘me lipelo tsa ba mametseng li ne li thabisoa ke ha leseli le lecha le khanya ho tsoa Mangolong a Halalelang.EN 44.5

    Empa lilemong tseo A neng A le Nasaretha, ha A ka A bonahatsa matla a mohlolo. Ha A ka A batla mabitso a boemo. Bophelo ba Hae bo khutsitseng, bo tlase, ba fana ka thuto ea bohlokoa: bophelo ba ngoana bo phutholohileng bo se nang boithabiso ba lefeela, bo tsamaeang-’moho le tlholeho, ke bona bo tsebang ho atleha ‘meleng le matleng a kelello le a moea.EN 45.1

    Jesu ke mohlala oa rōna. Bophelong ba Hae lapeng ke mohlala oa bana le bacha lohle. Mopholosi A ile A ikokobetsa bofutsaneng, hore A tle A tsebe ho re ruta hore na rōna ba tlase re ka ba haufi hakaakang le Molimo. Mosebetsi oa Hae o qalile ka ho hlohonolofatsa mesebetsi ea batho ba tlase ba hulang ka thata ho fumana bohobe ba tsatsi le leng le le leng.EN 45.2

    Ha A ne A sebetsa setulong sa ‘metli, O ne A hlile A etsa mosebetsi oa Molimo ho tšoana hantle le nakong eo A neng A etsa tsa boruti, A etsa mehlolo har’a matšoele. Mocha e mong le e mong ea latelang mohlala oa Kreste oa botšepehi le hlompho le boikokobetso lelapeng labo le eena a ka ikukela mantsoe ana a ileng a buuoa ke Ntate: “Bonang, Mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, ke eo, mokhethoa oa ka ea nkhahlang.” Esaea 42:1.EN 45.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents