Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Hobaneng Ha Linku Tsa Hae Li Mo Latela Ka Thabo

    Linaheng tsa Bochabela molisa ha a khanne linku tsa hae. Ha a sebelise khatello kapa tšoso, empa o li etella pele, a li bitse. Ho joalo le Mopholosi, E leng Molisa, O etsa joalo linkung tsa Hae. O re, “Ke u ratile ka lerato la mchla eohle, ka u atametsa ho ‘na ka kutloelo-bohlōkō.” Jeremia 31:3.EN 327.3

    Ha se tšabo ea kahlōlo kapa tebello ea moputso o sa feleng e entseng hore barutuoa ba Kreste ba Mo latele. Ba bone lerato la Mopholosi le senang tekanyo, le bontšitsoeng ho tloha setaleng Betlelehema ho fihlela sefapanong sa Gologotha, ‘me ponahalo ea Hae ea ba hohela, ea ba nolofatsa, ea ba hapa meea. Lerato la tsoha ka lipelong. Ba utloa lentsoe la Hae ‘me ba Mo latela.EN 327.4

    Molisa o etella linku tsa hae pele, ke eena ea tla teana le kotsi pele. Jesu O etsa joalo ho batho ba Hae. Tsela e eang leholimong e khakotsoe ka mehato ea maoto a Mopholosi.EN 327.5

    Leha e le mona A lutse teroneng ea leholimo, Jesu ha A felloa ke mohau oa Hae ho hang. Kajeno letsoho la Hae le neng le hlabiloe, le otlolohile, le hlohonolofatsa batho ba Hae lefatšeng. “‘Me ha li ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ea tla li hloibila matsohong a ka.” Pelo e inehetseng ho Kreste e bohlokoa ho Eena ho feta lefatše lohle. A ke ke A lahla eo A mo shoetseng. O tla ba le balateli ba Hae ka linako tsohle, ntle le ha bona ba ikhethela ho Mo tlohela.EN 327.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents