Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sakana-la-nkope La Kotulo Ea Evangeli

    “Mokotuli o se a amohela moputso, ‘me lijo o li bōkellela bophelo bo sa feleng, hore mojali a thabe hammoho le mokotuli. Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong oa jala, e mong oa kotula.” Bao ba amohelang lentsoe, ba tšoanetse ho ba lisebelisuoa tsa Hae tse phelang. E mong o hasa peo; ha e mong a bokella kotulo; ‘me bobeli ba thaba ‘moho moputsong oa mosebetsi oa bona.EN 121.5

    Jesu A re ho barutuoa, “ke le romile ho kotula seo le sa kang la se sebetsa; ba bang ba sebelitse, ‘me lōna le ja mofufutso oa bona.” Barutuoa ba ne ba kenella tšebetsong ea batho ba bang. Sesebelisuoa se sa bonoeng se ne se sebelitse ka lekunutu, ka ho atleha, ho hlahisa kotulo. Kreste O ne A le lekhatheng la ho nosetsa peo ena ka mali a Hae. Barutuoa ba Hae e ne e le basebetsi‘moho le Eena, esita le banna ba halalelang ba khale. Ka tšollelo ea Moea ka pentakonta, likete-kete li ne li tla sokolloa ka letsatsi. Tsena e ne e le litholoana tsa ho jala ha Jesu, kotulo ea mosebetsi oa Hae.EN 122.1

    Basamaria ba ile ba tla, ba mamela Jesu, ‘me ba lumela. Ba Mo bokanela moo selibeng, ba Mo hloma lipotso, ‘me ba amohela litlhaloso tsa Hae ka cheseho, tsa lintho tse ngata tse neng li ipatetse bona. Ho tsieleha ha bona ho ile ha qala ho hlakoha. Ka letsoalo le thahasello ea ho mamela halelele, ba ile ba Mo memela motseng oa bona, ‘me ba Mo kōpa ho hlola le bona. O ile a hlola matsatsi a mabeli Samaria, ‘me ba bangata ba lumela ho Eena.EN 122.2

    Jesu ha A ka A etsa leha e le mohlolo o le mong har’a bona, haese ho senolela mosali makunutu a hae selibeng. Empa ba bangata ba ile ba Mo amohela. Thabong ea bona e ncha ba ile ba re ho mosali, “Ha e sa le ka baka la puo ea hao feela re lumelang; re ikutloetse ke borōna, ‘me rea tseba hore ruri monna enoa ke Mopholosi oa lefatše.”EN 122.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents