Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 9—MATHATA A JESU HA E LE NGOANA

    Tlas’a baruti ba sinagoge bacha ba Bajuda ba ne ba koetlisoa melaong e mengata-ngata eo, joaloka Baiseraele ba sebele-bele e neng ekakhona ba e bōlōke. Empa Jesu ha A ka A ba le thahasello ho melao eo. Ho tloha bongoaneng ha A ka A ikamahanya le melao ea borabi. Mangolo a halalelang e ne e le ao a ithutang ona kamehla, ‘me mantsoe a reng, “Ho itsalo Morena,” a ne a lutse nako eohle lelemeng la Hae.EN 52.1

    A bona hore, batho joale ba sutha lentsoeng la Molimo, ‘me ba mamarela mekhoa e se nang bonnete. Bolumeling ba bona ba litšebeletso tse se nang tumelo ba ne ba hloka khotso. Ba ne ba sa tsebe bōlōkōlōhi ba moea bo tlang ka ho sebeletsa Molimo ka ‘nete. Leha Jesu A sa ka A amohela ho tsoakoa ha lintho tse ipatleloang ke batho le melao e halalelang, ha A ka A futuhela melao kapa mekhoa eo ea baruti ba rutehileng. Ha A ne A nyatsuoa ka tsela ea Hae e senang boipatlo, O ne A itšetleha ka lentsoe la Molimo ho bontša ho hloka molato ha boitšoaro ba Hae.EN 52.2

    Jesu O ne A leka ho khahlisa bao A neng A teana le bona. Erekaha A ne A le bonolo A sa ipehe holimo, bangoli le baholo ba nahana hore O tla hapeha habobebe ke lithuto tsa bona. Empa A ba botsa ka matla a bona Mangolong a Halalelang. O ne A tla mamela mantsoe ohle a tsoang molomong oa Molimo, empa O ne A ke ke A mamela maiqapelo a batho. Jesu O ne A bonahala A tseba Mangolo ho tloha qalong ho isa qetellong, ‘me A a beha ka moelelo oa ‘ona oa ‘nete. Borabbi ba ipolela e le mosebetsi oa bona ho hlalosa mangolo ‘me Eena ha Hae e le ho amohela bohlalosi ba bona.EN 52.3

    Ba ne ba tseba hore mekhoa ea bona ha e tšehetsoe ke Mangolo. Le ha ho le joalo ba ‘na ba halefela Jesu ka ho se mamele seo ba se ngotseng. Ha ba se ba hlōtsoe ba batla Josefa le Maria, ‘me ba ba hlalosetsa hore Jesu O hana ho lumellana le bona. Kahoo A khalemeloa le ho nyatsuoa.EN 53.1

    Lilemong tsa bocha ba Hae, Jesu A qala ho ikoetlisetsa ho bopa semelo sa Hae. Esitana le lerato la batsoali ba Hae le ne le ke ke la Mo tlosa ho hlompheng lentsoe la Molimo. Empa tšusumetso ea borabbi ea Mo sulafaletsa bophelo. O ile A tšoanela ho ithuta thuto e thata ea ho thola le ho mamella mathata.EN 53.2

    Bana babo, (kamoo bara ba Josefa ba neng ba bitsoa kateng) ba ea ka lehlakoreng la borabbi. Ba ne ba hlompha melaoana ea batho haholo ho feta lentsoe la Molimo, ‘me ba nyatsa tlhompho ea Jesu e tsepameng ea molao oa Molimo ba re O manganga. Ho makaleng ha bona ka tsebo eo A neng A e bontša, ha A araba borabbi, ba bona hore ke Eena eo e leng moruti oa bona. Ba hlokomela hore thuto ea Hae e phahame ho feta ea bona, empa ha ba ka ba hlokomela hore O na le monyeta oa mohloli oa tsebo oo bona ba sa o tsebeng.EN 53.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents