Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste O Thuha Marako A Ho Nahanellana

    Jesu O ne A qalile ho thuha marako a karohano lipakeng tsa Bajuda le Basamaria, le ho ruta lefatše ka pholoho. O ile A tsoakana ka bōlōkōlōhi le Basamaria ‘me A amohela memo ea batho bana ba neng ba nyelisoa. A robala tlas’a marulelo a bona, A ja le bona litafoleng tsa bona, A ruta literateng tsa bona, ‘me A ba tšoara ka lerato le tlhompho e fetisisang.EN 122.4

    Tempeleng Jerusalema, ho ne ho na le lerako le lekhutšoanyane le arolang lekhotla le kantle le likarolo tse ling tsa mohaho ona o halalelang. Leboteng lena ho ne ho na le mengolo e bolelang hore ha ho mang kapa mang, haese Bajuda, ea lumelletsoeng ho tšela moeli oo. Ha Molichaba a ne a ka kena ka likarolong tse kahare a sa etsa lipatlisiso tsa hore na oa lokela, o ne a tla lefa ka bophelo ba hae. Empa Jesu, Eena Moqali oa tempele, O ile A tlisetsa balichaba pholoho eo Bajuda ba neng ba e hanne.EN 122.5

    Barutuoa ba ile ba makatsoa ke boitšoaro ba Jesu. Matsatsing a mabeli ao ba a hlōtseng Samaria, ho tšepahala ho Eena ho ile ha etsa hore ba iphapanye; empa ka pelong ba ne ba sa thaba. Ba lieha ho ithuta hore ho eisa batho ba bang le lehloeo li lōkela ho suthela mohau le kutloelo-bohlōkō. Empa kamora’ nyolohelo ea Morena, lithuto tsa Hae li ile tsa fihla likelellong ho bona li na le moelelo o mocha, ‘me ba hopola Mopholosi, chebahalo ea Hae, mantsoe a Hae, tlhompho le bonolo ba Hae, ho balichaba ba nyelisehang. Ha Petrose a il’o ruta Samaria, a tla ka moea o tšoanang mosebetsing oa hae. Ha Johanne a biletsoa Efese le Smirna, a hopola maiphihlelo a hae Sikeme, le mohlala oa Moruti oa leholimo.EN 123.1

    Bao ba ipitsang balateli ba Mopholosi ba ka nyelisa le ho ikhula ho bao ba nyelisehang; empa ha ho maemo a tlhaho kapa a bochaba, leha e le maemo a bophelo, a ka khelosang lerato la Hae ho motho ofe kapa ofe, ho sa tsotellehe hore na o tetebetse joang sebeng. Metso ea molaetsa e tsoanetse ho etsetsoa bohle. Selibeng sa Jakobo Jesu ha A ka A lahla monyetla oa ho bua le mosali a le mong, molichaba ea neng a phela sebeng se totobetseng.EN 123.2

    Hangata o ne a qala lithuto tsa Hae ka sehlotšoana sa ba fokolang ba Mo bokanetseng, empa ka bonngoe, bafeta-ka-tsela ba ne ba re khefu ho mamela, ho fihlela e se e le letšoele le mametseng ka ho makala le ka tšabo mantsoe a Molimo ka Morōmuoa enoa oa leholimo. Ho ka ‘na ha ba le a mong feela ea mamelang lentsoe ha moruti a ruta hona kajeno tjena, empa ke mang ea ka bolelang hore na tšusumetso ea lona e tla fihla hole hakae?EN 123.3

    Mosali oa Mosamaria o ile a ipaka e le morōmuoa ea tsebang ho etsa se hlokoang ho feta barutuoa ba Hae. Ka lebaka la hae, batho ba motse kaofela ba ile ba tlisoa ho utloa Mopholosi. Morutuoa e mong le e mong oa ‘nete o tsoalloa ‘musong oa Molimo e le morōmuoa. Ea noang metsi a bophelo o fetoha mohloli oa bophelo. Ea amohe- tseng o fetoha mofani. Mohau oa Molimo kahare ho pelo, o tšoana le seliba se lehoatateng, se khathollang bohle, ‘me se etse hore bao ba lekhatheng la ho shoa ba thahaselle ho noa metsi a bophelo.EN 123.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents