Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mathata A Jesu Le Lelapa Labo

    Bana babo Jesu ba ne ba Mo shoela mona ‘me ba bontša ka ho otloloha khanyetso le nyeliso ea bona ho Eena. Ba ne ba sa utloisise boitšoaro ba Hae. Ho ne ho le teng lintho tse kholo tse hanyetsanang bophelong ba Jesu. E ne e le Mora oa Molimo ea halalelang, empa ebile e le ngoana ea senang matla. Joaloka ‘Mopi lefatše e ne e moruo oa Hae, empa maiphihlelong a bophelo ba Hae e ne e le mofutsana. Ha A ka A laba-labela botumo ba lefatše ‘me esitana le boemong bo tlase boo A neng A le ho bona bophelong, O ne A khotsofetse. Sena se ile sa halefisa bana babo. Ba ne ba sa utloisise ho khotsofala ha Hae ho nang le botsitso, le thabo ea Hae tlas’a meleko le bohloki.EN 54.2

    Jesu ha A ka A utloisisoa ke bana babo, hobane O ne A sa tšoane le bona. Ka ho talima bathong, ba ne ba furaletse Molimo, ‘me ba ne ba se na matla a Hae maphelong a bona. Sebopeho sa bolumeli seo ba neng ba se bōlōka se ne se sa fetole semelo. Mohlala oa Jesu ho bona e ne e le ntho e tšoenyang, e sa khaotse. O ne A sa rate sebe, ‘me A ke ke A bona bobe bo etsoa ebe Ha A utloe bohlōkō bo ke keng ba iphapanyetsoa. Kaha bophelo ba Jesu bo ne bo nyatsa bobe, A nyatsuoa. Batho ba ne ba soma botšepehi ba Hae. Mamello le mosa oa Hae hathoe ke bokoala.EN 54.3

    Har’a bohlōkō bo kileng ba oela batho, ha ho le karolo feela eo Kreste A sa kang A e latsoa. Ba bang ba Mo nyelisa ka lebaka la tsoalo ea Hae. Esitana le bongoaneng O ile A kopana le litšebo tse nyelisang, tse mpe, le lifahleho tse nyatsang. Hoja O ne A ile A iphetetsa ka lentsoe la ho teneha kapa chebo ea nyeliso kapa ketso e le ‘ngoe e mpe, A ka be A ile A hlōloa ho ba mohlala o phethahe- tseng. Kahoo A ka be A ile A hlōloa ho ntšetsa-pele leano la topollo ea rōna. Hoja le teng A lumela hore lebaka le teng le ka behoang bakeng sa sebe, Satane a ka be a hlōtse, ‘me lefatše le ka be le lahlehile. Hangata O ne A qosoa ka bokoala ba hore O ne A sa kopane le bana babo liketsong tse sa lumelloang, empa karabo ea Hae e ne e re, Ho ngoliloe ho thoe, “Ho tšaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokhopo ke eona kutloisiso.” Jobo 28:28.EN 54.4

    Ba bang ba ne ba ikutloa ba phutholohile botenng ba Hae; empa ba bangata ba ne ba mo koekoetla, hobane ba ne ba nyatsoa ke bophelo ba Hae bo se nang letheba. Metsoalle ea bacha e ne e thabela ha a le teng har’a bona, empa e tenoa ke ho tiea ha Hae, ‘me ba mo hlalosa e le eo kelello ea Hae e leng tšesanyane, hape A koalehile. Jesu O ne A araba A re, “Ho ngoliloe ho thoe, ‘Mohlankana a ka hloekisa metsamao ea hae joang? Ka ho hahela lentsoe la hao lesaka....Ke bōlōkile tšepiso ea hao, ka e bōlōka ka pelong ea ka, hore ke seke ka u siteloa.’” Pesalema 119:9,11.EN 55.1

    Hangata o ne a botsoa hore na ke’ng ha A ikhelosa A sa rate ho tšoana le ba bang kaofela? Ebe O araba A re, ho ngoliloe ho thoe: “Ho lehlohonolo ba latelang litemoso tsa hae,...ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaea litseleng tsa hae.” Pesalema 119:2,3.EN 55.2

    Ha A botsoa hore na ke’ng A sa ikamahanya le masaoana a bacha ba Nasaretha, A re, ho ngoliloe ho thoe, “Ke thabela ho phetha thato ea hao, nke ke ka lebala lentsoe la hao.” Pesalema 119:16.EN 55.3

    Jesu ha A ka A tseka litokelo tsa Hae. Ha A ka A iphethetsa ha A ne A sebelisoa hampe, empa A jara mahlapa ohle ka mamello. Hangata O ne A botsoa, hore na ke hobaneng A inehella hore A sebelisoe hampe le hona ke bana babo? A arabe A re, ho ngoliloe ho thoe, “Mora oa ka, se lebala thuto ea ka, pelong ea hao melao ea ka u e boloke....E-ba le lerato, u be le botšepehi, molaleng oa hao u itlame ke tsona; u li ngole tlapeng la pelo ea hao. U tla ratoa ke Molimo le batho, u iketsetse lebitso mahlong a bona.” Maele 3:1-4.EN 55.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents