Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ntho E Ka Pheleloang

    Erekaha re sa tsebe nako ea ho khutla ha Morena, re lemosoa hore re falimehe. Sheba Luka 12:37. Bao ba falimehetseng ho tla ha Morena ha ba a lebella ho lula feela ba sa etse letho. Ba hloekisa meea ea bona ka ho mamela ‘nete. Ba kopanya phalimeho ena e chatsi le mosebetsi oa ‘nete. Cheseho ea bona e thahasella ho ikopanya le mahlale a leholimo ho sebeletsa ho pholosa meea. Ba phatlalatsa ‘nete e amanang le nako ena ka mokhoa o khethehileng. Joalokaha Henoke, Nōoe, Aborahama le Moshe, e mong le e mong oa bona a ile a bolela ‘nete e lokelang nako ea hae, le bahlanka ba Kreste ba mehleng ena ba tla fana ka temoso e khethehileng, e lokelang moloko oa bona.EN 429.2

    Empa Kreste A boela A hlahisoa sehlopha se seng hape, A re, “Empa haeba e le mohlanka ea khopo, o tla re ka pelong: ‘Mong’a ka o lieha ho tl,’ ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, ‘me a je, a noe le matahoa. Mong’a mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a se e tsebeng.EN 430.1

    Mohlanka ea khopo ha a latole hore Kreste O tla tla. Empa ka liketso tsa Hae le mantsoe a Hae, o bolela hore ho khutla ha Morena ho liehile. O hlakola kholiseho e likelellong tsa ba bang, ea hore Morena O tla kapele. Tsusumetso ea hae e tiiseletsa batho tahlehong ea bona le borokong. Likelello tsa bona li tlala litakatso tsa lefatše le mehopolo e bolileng. Mohlanka ea khopo o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a qosa, a bile a tsoa bao ba tšepahalang ho Moren’a bona. O ikamahanya le lefatše, ‘me lefatše le mo tšoasa ka leraba. “Mong’a mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, ‘me O tla mo khabelaka, a ‘mee har’a baikaketsi.”EN 430.2

    Ho tla la bobeli ha Kreste ho tla makatsa baruti ba bohata. Ho bohle ba entseng lefatše lena lehae la bona, letsatsi la Morena le tla ba tšoasa, joaloka lesholu le khukhunang. Lefatše le tletse lintoa, le tletse boithabiso bo hlokang boMolimo ‘me le robetse le itširelelitse ka matla a nama. Batho ba tšeha litemoso. Ba re, “La hosasane le tla ‘ne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!” Esaea 56:12. “Re tla teba haholo boithabisong ba lefeela.” Empa Kreste, O re, “Ke tla joaloka lesholu.” Tsenolo 16:15. Ha mosomi a ntse a ikhantša, ha litloaelo tsa ho bokella chelete li ntse li tsoela pele ho sa natsoe molao, ha moithuti a chesehelle ho batla tsebo linthong tsohle, empa a sa tsotelle Bibele, eba joale Kreste O tla joaloka lesholu.EN 430.3

    Lipontšo tsa linako li bolela ho hong ho tlang. Liketsahalo tse tlang li eteletsa liriti tsa tsona pele. Moea oa Molimo O ntse O tloha lefatšeng, ‘me tlokotsi e latela tlokotsi e ‘ngoe. Tsireletso e kae? Ha ho polokeho ho letho leo e leng la batho kapa la lefatše.EN 430.4

    Hona le batho ba lebeletseng, ba falimehileng, ‘me ba sebeletsa ho tla ha Moren’a rōna. Athe sehlopha se seng se eme ka litheko tlas’a bolaoli ba mokoenehi e moholo oa pele. Kotsi ena e ntse e re nanarela butle-butle. Letsatsi lea chaba leholimong, ‘me le tsamaea ka tsela ea lona ea kamehla. Batho ba ntse ba eja, ba e-noa, ba lema ‘me ba aha. Bahoebi ba ntse ba reka, ba rekisa. Batho ba ntse ba loanela litulo tse phahameng. Barati ba menate ba ntse ba khobokana matlung a menyakoe, ba becha lipere, ba bapala le lipapali tsa ho hlōlisana le fafi. Menyaka e ntse e eketseha, empa nako ea ho koaloa ha mohau eona e ntse e khutsufala ka potlako, ‘me mosebetsi o mong le o mong o tla isoa kahlolong ea ho qetela. Satane o akhetse mahlahana a hae kaofela tšebetsong, hore a thetse batho, a ba phathahanye, ba bang a ba tšoase ka leraba, ho fihlela monyako oa mohau o koalloa ruri.EN 431.1

    “Falimehang ke hona, le rapele ka linako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng li tla etsahala, le a ho ema pel’a Mor’a Motho.” EN 431.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents