Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 52—MOLISA EA MOLEMO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Johanne 10:1-30.]

    Ke ‘na molisa ea molemo...’me ke tella linku tsa ka bophelo ba ka.” Johanne 10:11,15.EN 325.1

    Jesu A fumana tsela e ntle ea ho buisana le bamameli ba Hae, ka lintho tse tloaelehileng ho bona. Ka setšoantšo se setle sa bolisana A bontša likamano tsa Hae le ba lumelang ho Eena. Sena ebile setšoantšo se hlakileng hantle likelellong tsa bamameli ba Hae. E ne e tlare ha barutuoa ha ba hopola thuto ea Mopholosi, ba tšoantše molisa e mong le e mong ea tšepahalang le Kreste, ‘me ha e le bona ba itšoantše le mohlape o senang thuso, o tšepileng molisana.EN 325.2

    Bafarisi ba ne ba sa tsoa leleka e mong ka har’a mohlape hobane a ne a paka matla a Kreste. Ba khaola motho eo Molisa oa ‘nete A neng A mo hulela ho Eena. Ka ketso ena ba ipontša hore ha ba na tōkelo ea ho bitsoa balisa ba mohlape ba tšepahalang. Ha joale Jesu A itšupa e le Eena ‘molisa ea tšepahalang oa mohlape oa Morena.EN 325.3

    “Ea sa keneng lesakeng la linku ka monyako, a mpa a tlolela le kahosele, ke lesholu le senokoane, empa ea kenang ka monyako ke molisa oa linku.” Ha Bafirisi ba ntse ba inahana hantle lipelong tsa bona ka moelelo oa taba tsena, Jesu A ba bolella ka mokhoa o utloahalang, A re, “Ke ‘na monyako; ha motho a kena ka ‘na o tla pholosoa, ‘me o tla kena, a tsoe, a fumane lekhulo. Lesholu le tlela feela ho utsoa, le ho bolaea, le ho timetsa; ‘na ke tlile hore li be le bophelo, ‘me li be le bophelo ka ho tlala.”EN 325.4

    Kreste ke Eena monyako oa lesaka oa Molimo. Batho bohle ba Hae ho tloha khale ba fumane ho kena ka monyako ona. Ntlha e neng e tširiloe ke lipapiso, joale ea totobatsoa ke tšenolo ea baporofeta, ea koaholloa le ke lithuto tse neiloeng barutuoa, le ke mehlolo e entsoeng, ‘me ba bona, “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” Johanne 1:29. Batho ba iketselitse mekhoa le mekete eo ka eona ba hopolang hore ba ka fumana ho lokofatsoa le khotso, ho Molimo. Empa bohle ba behang ho hong ho nka sebaka sa Kreste, hore ba tie ba kene mohlapeng ka tsela esele, ke masholu le linokoane.EN 325.5

    Baruti le babusi, bangoli le Bafirisi, ba sentse makhulo a phelang, ba silafatsa liliba tsa metsi a bophelo. Mangolo a hlalosa balisa bana ba bohata, ka hore, “Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le li phekole, tse robehileng ha le li tlamise, tse khelohileng ha le li phuthe, tsa malahleha ha le li batle, empa le li khanna ka thata, lea li hlekefetsa.” Esekiele 34:4.EN 326.1

    Sechaba ka seng sa bahedene se bile le mesuoe e babatsehang le borapeli bo fosahetseng bo khelosang batho mabapi le moo pholoho ea ‘nete e fumanehang teng, e leng ho Kreste, ka baka leo sechaba sa furalla Ntate, ‘me sa tlala tšabo. Likete-kete li litlamong tsa borapeli ba bohata, bo ba hlokisang tšepo le thabo lefatšeng lena, ‘me ba nahana ka bokamoso ka matsoalo. Thu to ea mohau oa Molimo ke eona feela e ka tsosolosang moea. Lerato la Molimo le bontšitsoeng ho Mora le tla tlatsa pelo ‘me le tsosolose matla a moea ho feta eng kapa eng. Mang kapa mang ea khelosang batho ho Kreste, o ba khelosa mohloling oa ‘nete o holisang, ‘me o ba hlokisa tšepo le khanya bophelong bona. Motho eo ke lesholu le senokoane.EN 326.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents