Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sephiri Se Setšo Sa Bophelo Ba Hae Bo Fetileng

    Joale Jesu A phakisa A fetola moqoqo. Pele moea ona o ka amohela mpho eo A laba-labelang ho e fana, o tsoanetse hore o tataisoe hore o elelloe sebe sa ‘ona le Mopholosi oa ‘ona. Jesu A re ho eena, “E-ea, u bitse monna oa hao, le tle koano.” A araba a re “Ha ke na monna.” Empa Mopholosi A tsoela pele A re “U nepile ha u re: ‘Ha ke na monna,’ hobane u bile le banna ba bahlano, ‘me eo u nang le eena hona joale hase monna oa hao; moo u buile ‘nete.”EN 118.3

    Ea neng a mametse a thothomela. Letsoho le sa bonoeng le ne le ntse le phetla maqephe a pale ea bophelo ba hae. Enoa Ea tsebang ho bala makunutu a bophelo ba hae ke mang? Ho ile ha fihla kelellong ea hae mehopolo ea bo sa feleng le kahlōlo e tlang, moo tsohle tse patiloeng li tla senoloa.EN 118.4

    O ile a leka ho qoba ho bua ka taba tsena tse seng monate. “Monghali, ke lemōha hore u moporofeta.” Joale ka sepheo sa ho khutsisa kholiso ena, a fetohela lintlheng tsa bolumeli tseo ba sa lumellaneng ka tsona.EN 118.5

    Jesu A lebella ka mamello monyetla oa ho tlisa ‘nete pelong ea hae hape. “Bo-ntat’a rona ba ile ba khumamela Molimo thabeng ena,” a rialo, “empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka khonang ho khumamelloe ho sona.” Haufi le mahlo a bona ho ne ho na le thaba ea Kerisime, eo e neng e baka ho se lumellane pakeng tsa Bajuda le Basamaria ha ho buuoa ka eona. Hobane ka mengoaha Basamaria ba ne ba ile ba tsoakatsoakana le barapeli ba melimo ea bohata, bao bolumeli ba bona ka hanyane bo ileng ba senya ba Basamaria.EN 118.6

    Ha tempele e hahuoa bocha mehleng ea Esdrase, Basamaria ba ne ba lakatsa ho thusa Bajuda khahong. Ba ile ba haneloa, ‘me phapang e matla e ile ea hlaha pakeng tsa lihlopha tsena tse peli. Basamaria ba ile ba haha tempele ea bona e khahlanong le eo thabeng ea Kerisime. Empa tempele ea bona e ile ea senngoa ke lira, ‘me ba bonahala ba oetsoe ke thohako; empa leha ho le joalo ha ba ka ba ananela tempele e Jerusalema e le ntlo ea Molimo kapa hona ho lumela hore tumelo ea Bajuda e phahametse ea bona.EN 119.1

    Ha A arabela mosali, Jesu A re, “Mosali, ntumele hore nako ea tla eo ka eona le sa tl’o khumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema. Lōna le khumamela seo le sa se tsebeng; rōna re khumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tsoa ho Bajuda.” Jesu O ne A batla ho heletsa maikutlo ana a senang ‘nete a Mosamaria enoa ka Bajuda. Bajuda ba ne ba neiloe linnete tse kholo homme Mesia O ne A loketse ho hlaha har’a bona.EN 119.2

    Jesu A laba-labela ho phahamisetsa maikutlo a enoa ea neng a Mo mametse ka holim’a likhohlano. “Empa nako ea tla, ‘me e se e fihlile, eo ka eona bakhumameli ba ‘nete ba tla khumamela Ntate ka moea le ka ‘nete, hobane Ntate o fela a batla ba joalo ho mo khumamela.”EN 119.3

    Ha se ka ho batla thaba kapa tempele e halalelang batho ba ka tlisoang kopanong le leholimo. Hore re tle re sebeletse Molimo ka nepo, re tšoanetse ho tsoaloa ke Moea oa Molimo. ‘Ona O tla hloekisa pelo, O nchafatse kelello, O re fe ho lumela le ho mamela tsohle tseo A li hlokang. Ena ke thapelo ea ‘nete. Ke tholoana ea tšebetso ea Moea o Halalelang. Ha pelo e labalabela Molimo e ee be e le ha Moea o Halalelang o sebetsa, ‘me Molimo O itšenola pelong e joalo.EN 119.4

    Ha mosali a ntse a buisana le Jesu, o ile a susumetsoa ke mantsoe a Hae. Ha bophelo ba hae bo fetileng bo aloa ka pel’a hae, a elelloa lenyora la moea oa hae, leo metsi a seliba sa Sikare a neng a ke ke a le tima. Ho ne ho e-s’o etsahale pele hore moea oa hae o elelloe bohloki bona bo phahameng. Jesu O ile A bala makunutu a bophelo ba hae; empa mosali a utloisisa hore ke motsoalle oa hae, ea mo hauhelang, ea mo ratang. Le hoja mosali a ne a ikutloa a sa hloeka ha a le pel’a Hae, Jesu O ne A sa ka a mo omanya, empa O ne A mo boleletse ka mohau oa Hae o ka nchafatsang pelo. Mosali o ile a ipotsa ka kelellong ea hae, ebe Eo ha se Eena Mesia eo esaleng a lebeletsoe? Eaba o re ho Eena, “Kea tseba hore Mesia, ea bitsoang Kreste, oa tla; mohla a tlang, o tla re bolella lintho tsohle.” Jesu a re ho eena: “Ke ‘na ea buang le uena.”EN 119.5

    Ha mosali a utloa mantsoe ana, tumelo e ile ea tota ka pelong ea hae. A amohela phatlalatso ena e makatsang e tsoang melomong ea Moruti oa leholimo.EN 120.1

    Kelello ea mosali enoa e ne e le boemong ba ho amohela ka thabo. O ne a thahasella mangolo, ‘me Moea o Halalelang O ne O se O mo lōkiselitse ho amohela leseli le eketsehileng. Leseli la Boporofeta ba Testamente ea Khale le ne le se le chabetse kelello ea hae. Metsi a bophelo ao Kreste A A fang motho e mong le e mong ea nyoriloeng, a ne a qalile ho kolla ka pelong ea hae.EN 120.2

    Polelo ena e hlakileng e entsoeng ke Kreste ho mosali enoa, e ne e ke ke ea etsoa ho Bajuda ba neng ba ipona ba lokile. Seo ba neng ba se tinngoe, seo hamorao barutuoa ba ileng ba laeloa ho se bōlōka e le lekunutu, o ile a se senoleloa. Jesu A bona hore mosali a ka sebelisa tsebo ena ea hae ho tlisa ba bang hore ba arolelane mohau.EN 120.3

    Ha barutuoa ba khutla thomong ea bona, ba ile ba makala ho fumana Mong’a bona A bua le mosali. O ne A s’o ka A noa metsi a khatholosang ao A neng A a lakatsa, ‘me ha A ka A ja lijo tseo barutuoa ba Hae ba neng ba li tlisitse. Ha mosali a se a ile, barutuoa ba Hae ba Mo kōpa ka qophello hore A je. Ba ile ba bona A khutsitse, sefahleho sa Hae se khanya, ‘me ba tšaba ho kena-kenana le menahano ea Hae, empa ba hopola hore ke tōkelo ea bona ho Mo hopotsa bohloki ba Hae ba ‘mele. Jesu A elelloa thahasello ea bona e tletseng lerato ‘me A re, “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.”EN 120.4

    Barutuoa ba makala hore na ebe lijo O li tliselitsoe ke mang. A hlalosa a re, “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthōmileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” Ho Eena ho sebeletsa moea o lapetseng ‘nete le ho nyoreloa ‘nete ho ne ho khothatsa ‘me ho khatholla ho feta ho ja le ho noa.EN 120.5

    Mopholosi oa rona O lapela mohau le lerato la bao A ba rekileng ka mali a Hae. Joalekaha ‘m’e a lebella ho bososela ho bontšang tlhalohanyo ho lesea la hae, ho supang ho chaba ha kelello, ho joalo le ho Kreste, o lebella hore re bontše lerato le teboho ea rona, ho bontša hore bophelo ba moea bo qalile mothong.EN 121.1

    Mosali a tlala thabo ha a ntse a mametse mantsoe a Kreste. O ile a sia nkho ea hae ea metsi, ‘me a khutlela motseng, a isa molaetsa ho ba bang. A lebala se mo tlisitseng selibeng, a lebala lenyora la Mopholosi leo a neng a itheretse ho le tima. Ka pelo e tletseng thabo, a potlakela ho isetsa ba bang leseli leo a le fumaneng.EN 121.2

    “Tloong, le bone motho ea mpoleletseng tsohle tseo ke li entseng,” A rialo ho batho ba motse. “Na ekaba hase eena Kreste?” Sefahleho sa Hae se ne se nchafatse, botho bohle ba Hae bo fetohile. “Ba tsoa motseng, ba tla ho eena.”EN 121.3

    Kaha Jesu O ne A ntse A lutse pel’a seliba, A phahamisa mahlo A Hae ‘me A talima masimo a koro, a neng a namme ka pele ho Eena, botalana ba ‘ona bo bonolo bo ne bo chabetsoe ke mahlaseli a letsatsi. A supisa barutuoa ba Hae pono ena, ‘me A e sebelisa e le setšoantšo: “Ha ke re le ee le re: ‘Khoeli li sa le ‘ne, ‘me e nt’o ba kotulo?’ Bonang, kea le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a soeufaletse kotulo.” Ha A ntse A bua, A sheba lihlopha tsa batho tse neng li e-tla selibeng. E ne e le bona kotulo e lōketseng mokotuli.EN 121.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents