Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tiiso Ea Leholimo

    Mantsoe a na a ile a buuoa ho susumetsa ba neng ba lebeletse pono ena hore ba be le tumelo, le ho matlafaletsa Mopholosi thōmo ea Hae. Lehoja libe tsa lefatše le khopo li ne li beiloe holim’a Kreste, lehoja ho nka boemo bo oeleng ba batho ho ne ho Mo theotse, lentsoe le tsoang leholimong le ile la Mo hlalosa e le Mora oa Rabosafeleng.EN 68.4

    Johanne o ne a ile a ameha haholo. Ha khanya ea Molimo e aparela Jesu, ‘me lentsoe le tsoang leholimong le utloahala, Johanne a tseba hore Eo a neng a qeta ho Mo kolobetsa ke Mopholosi oa lefatše. A otlollela letsoho la hae ho Jesu ‘me a Mo supa, a hōoa a re, “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” Johanne 1:29EN 68.5

    Har’a ba neng ba utloa mantsoe ana, esita le ho eena ea neng a a bua, ha ho ea ileng a utloisisa bohlokoa ba mantsoe ana, “Konyana ea Molimo”. Batho ba bangata ba Iseraele ba ne ba nka mahlabelo joalo ka ha bahedene ba nka a bona — ba ne ba a nka e le nyehelo ea ho thiba bohale ba Molimo. Molimo O ne O lakatsa ho ba ruta hore lerato la Hae le ba file mpho e ba khutlisetsang ho Eena.EN 68.6

    Mantsoe a builoeng ho Jesu a reng, “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlang!” a akaretsa batho bohle. Le hoja re le baetsalibe, re bile re fokola, ha re lahleloe ka thōko joale ka ntho tse hlokang thuso. “E le hore re rorise mohau o tlōtlehang oa hae, oo a re hauhetseng ka oona, ka Mora oa hae ea ratoang.” Baefese 1:6. Khanya e ileng ea aparela Kreste, ke kano ea lerato la Molimo ho rōna. E re bolella ka matla a thapelo — kamoo lentsoe la motho le ka fihlang tsebeng ea Molimo ‘me likōpo tsa rōna tsa amoheloa makhotleng a leholimo. Lefatše le arohantsoe le leholimo ke sebe empa Jesu O kopantse leholimo le lefatše hape, ka khanya ea Hae. Khanya e ileng ea theohela hloohong ea Mopholosi e tla theohela ho rona ha re rapela, re kōpa thuso ea ho hlōla moleko. Lentsoe le ileng la bua le Jesu le re ho e mong le e mong ea lumelang, “Enoa ke ngoana oa ka eo ke khahlisoang ke eena.”EN 69.1

    Molopolli oa rōna O butse tsela e le hore baetsalibe ba babehali, batho ba hatelletsoeng, le ba nyefoloang, ba fumane mocha oa ho ea ho Ntate. Bohle ba ka fumana lehae meahong e metle eo Jesu A ileng ho ea e lōkisa.EN 69.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents