Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Barutuoa Ba Ne Ba Sa Nahana Sefapano Se Tlang

    Barutuoa le joale ba ne ba ntse ba lebeletse Kreste ho busa e le morena oa bophelo ba joale. Ba ne ba lumela hore O ne A ke ke A ipata nako eohle le hore nako e ne e atametse ea ho hloma ‘Muso oa Hae. Hore ebe Kreste A ka lahloa ke sechaba sa Habo, A ahlōloa joaleka mothetsi, ‘me A thakhisoa joaleka sesinyi — e ne e le ntho e thata ho barutuoa ho e amohela. Jesu O tšoanela ho bea pepeneneng ho barutuoa ba Hae ntoa e tlang e ba tobile. O ne A hlomohile ka ha A ea A lebile teko.EN 283.2

    Ho tla fihla nakong ena O ne A ile A lesella ho ba tsebisa eng kapa eng malebana le mahlomola A Hae le lefu. Puisanong ea Hae le Nikodema O ne A itse, “Joalokaha Moshe a ne a phahamise nōha felleng, eka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a be le bophelo bo sa feleng.” Johanne 3:14,15. Empa barutuoa ha ba ka ba utloa taba ena. Joale nako e ne e fihlile hore lesira le sitileng bokamoso le suthisoe: “Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuoa ba hae hore eka khona a ee Jerusalema, a e’o hlōkōfatsoa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Litsebi tsa Molao, a bolaoe, ‘me ka tsatsi la boraro a tsōsoe bafung.”EN 283.3

    Ba hloka puo ke masoabi le ho makala. Barutuoa ba mamela. Kreste O ne A amohetse ho lumela ha Petrose ka Eena e le Mora oa Molimo. Joale mantsoe a Hae a supang mahlomola a Hae le lefu a bonahala a sa utloahale. Petrose a sitoa ho thola. A tšoara moruti oa hae, joalekaha eka o Mo hulela thoko le tsuo ea Hae e Mo okametseng a re, “Morena Molimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho uena.”EN 283.4

    Petrose o ne a rata Morena oa hae empa Jesu h’a ka mo rorisa ka takatso ea ho Mo sireletsa mahlomoleng. Mantsoe a Petrose e ne e se thuso le tšeliso ho Jesu tekong e kholo e kapele ho Eena. Mantsoe a hae a ne a sa lumellane le morero oa Molimo oa mohau lefatseng le lahlehileng, leha e le thuto ea ho iketsa sehlabelo eo Jesu A tiileng ho e ruta ka mohlala ka bo-Eena. Se neng se tla hlahisoa ke mantsoe a Petrose se ne se tla loantšana ka kotloloho le seo Kreste A lakalitseng ho se siea kelellong tsa balateli ba Hae. Hona ha etsa hore A bue e ‘ngoe ea likhalemelo tse matla-matla, tse thata-thata tse kileng tsa tsoa molomong oa Hae: “Tloha ho ‘na Satane! U sekhōpi ho ‘na; kahobane ha u hopole tsa Molimo, u hopola tsa botho.”EN 283.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents