Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohau Oa Jesu Ho Pilato

    Pilato a nyaroha. E ka ‘na eaba ke sebōpuoa sa leholimo sena se emeng kapele ho Eena! A boela a re ho Jesu, “U tsoa kae?” Empa Jesu ha A ka A mo araba. Mopholosi O ne A ile A buisana ka bōlōkōlōhi le Pilato, A hlalosa boqosa ba Hae. Pilato o ile a iphapanyetsa leseli leo. O ile a sebelisa matla a phahameng a kahlōlo hampe, ka ho inehela litakatsong tsa sechaba. Jesu O ne A se A mo hlokela leseli le leng. Pilato a halefisoa ke ho thola ha Hae, ‘me a re ka boikhōhōmōso, “U hana ho bua le’na? Ha u tsebe hore ke na le matla a ho u lōkōlla, le matla a ho u thakhisa?”EN 493.1

    Jesu A araba A re, “U ka be u se na matla a letho holim’a ka, ha u ne u sa a neoa a e-tsoa holimo; ka baka leo, ea u neileng ‘na o na le sebe se fetang.” Kreste O ne A bolela Kaiafa, ea neng a emetse sechaba sa Bajuda. Ba ne ba na le leseli la boporofeta bo neng bo paka ka Kreste, le bopaki bo totobetseng ka bo-Molimo ba Eo ba Mo ahlōletseng lefu. Boikarabelo bo boima ho fetisisa, e ne e le ba ba emeng ka sehloohong ho sechaba. Pilato, Heroda le masole a Roma, ha ba bapisoa le bana, ba ne ba sa tsebe ka Jesu. Ba ne ba se na leseli leo sechaba sa Bajuda se le amohetseng ka khaphatseho. Hoja leseli le kile la fihla ho masole, ba ka be ba sa hlōkōfatsa Kreste joalekaha ba entse.EN 493.2

    Pilato a boela a sisinya ho lōkōlla Mopholosi. “Empa Bajuda ba hōoa, ba re: ‘Ha u lōkōlla motho enoa, ha u motsoalle oa Sesare.” Bajuda ba ne ba le ka sehloohong ho bohle ba nyatsang ‘muso oa Roma, empa hore feela ba tie ba atlehe ho timetsa Kreste, ba iketsa ba tšepahalang pusong eo ea balichaba, eo ba e hloileng.EN 493.3

    “E mong le e mong ea iketsang khosi o hanyetsa Sesare,” ba tsoela pele joalo. Pilato o ne a ntse a belaelloa ke ‘muso oa Roma, ‘me a tseba hore tlaleho e joalo e ka mo senyeletsa. A tseba hore Bajuda ba ke ke ba siea letho, e le hore ba iphetetse.EN 493.4

    Pilato a boela a tlisa Jesu ho sechaba, a re, “Ke eo khosi ea lōna!” Ha boela ha utloahala lerata le tlerolang le re, “Molaee! Molaee! Mo thakhise!” Pilato a botsa ka lentsoe le utloahalang hohle, a re, “Ke thakhise khosi ea lōna?” Empa melomong e litšila, e nyefolang, ha hlaha mantsoe a reng, “Ha re na khosi haese Sesare.”EN 493.5

    Ka ho khetha morena oa mohedene, sechaba sa Bajuda, se ne se lahlile Molimo e le morena oa bona. Ho tloha moo, ba ne ba se na morena, haese Sesare. Baprista le baruti ba ne ba khannetse sechaba moo. Tabeng ena, le litholoana tsa eona tse tšosang, boikarabelo e ne e le ba bona. Sebe sa sechaba, le tšenyeho ea sechaba li ne li hlahile ka lebaka la baetapele ba bolumeli.EN 494.1

    “Eare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontšeng ea letšoele, a re: ‘Ha ke na molato maling a motho enoa; ke tabeng ea lona!’” Pilato a sheba Mopholosi, ‘me a re ka pelong ea hae, Ke Molimo. A retelehela ka ho bongata a re, Ha ke na molato maling a Hae. Mo thakhiseng, empa ‘na ke Mo bolela e le motho ea lokileng. Eka Eo A mo bolelang e le Ntata’e, A ka ahlōla lona e seng ‘na, sebakeng sa mosebetsi oa kajeno. ‘Me ho Jesu a re, U ntšoarele ka ketso ena, ke sitoa ho U pholosa. Eitse hobane a shape Jesu hape, a nehelana ke Eena hore A thakhisoe.EN 494.2

    Pilato o ne a lakatsa ho pholosa Jesu, empa a bona hore a ke ke a etsa joalo, eaba o ntse a lōkeloa ke setulo sa hae. Ho fapana le ho lahleheloa ke matla a lefatše, a khetha ho senya bophelo bo se nang molato. Ba bakae ba tlolang molao ka mokhoa o joalo. Letsoalo le tšoanelo li supa tsela e itseng, ‘me boithati bo supe e sele. Moea o fokela hosele, ‘me ea lumcllanang le bokhopo o hoheloa lefifing le letšo la melato.EN 494.3

    Pilato, lehoja a lekile ho itlhokomela, a tleloa ke ntho eo a neng a hlile a e tšohile. A theoloa setulong sa hae se phahameng, ‘me a hlajoa ke masoabi a bohlōkō le tlontlollo e kholo, hoo kamoraonyana ho thakhiso, a ileng a ipolaea.EN 494.4

    Ha Pilato a ipolela a se na molato maling a Kreste a lokileng, Kaiafa o ile a araba ke tello a re, “Mali a hae a botsoe rōna le bana ba rōna!” Mantsoe ao a bohlōkō a phetoa ke sechaba, ba tlerola ka mantsoe a phahameng. Bongata boo kaofela ba re, “Mali a hae a botsoe rōna le bana ba rōna!”EN 494.5

    Sechaba sa Iseraele sa iketsetsa khetho — Barabase, lesholu le ‘molai, moemeli oa Satane. Kreste, moemeli oa Molimo A lahliloe. Ka ho etsa khetho ena, ba amohetse eo ho tloha qalong, e sa le e le raleshano le ‘molai. Satane e ne e le moetapele oa bona. Ba lokela ho mamella puso ea hae.EN 495.1

    Bajuda ba hoeletsa ba re, “Mali a hae a botsoe rōna le bana ba rōna!” Thapelo eo e ile ea utluoa. Mali a Mora oa Molimo a ba holim’a bona le bana ba bōna. Taba eo, ea hlahela habohlōkō ka tšenyeho ea Jerusalema, le boemo ba sechaba sa Bajuda ka lilemo tse batlang ho ba likete tse peli. Lekala le khethutsoeng sefateng sa morara, le shoele. Ho tloha naheng e ‘ngoe ho ea ho e ‘ngoe, le ho tloha mengoaheng ho isa mengoaheng, lekala leo le shoele melatong le libeng.EN 495.2

    Thapelo eo e tla phethahala habohlōkō mohla letsatsi le leholo la kahlolo. Kreste O tla tla ka khanya. Likete tsa likete tsa mangeloi, bara ba batle ba hlotseng, ba Molimo, ba tla Mo felehetsa tseleng ea Hae. Lichaba tsohle li tla bōkelloa kapele ho Eena. Sebakeng sa meutloa, O tla roala moqhaka oa khanya. Seaparong sa Hae, le serapeng sa Hae ho tla be ho ngoliloe lebitso le reng, “Khosi ea likhosi, le Morena oa marena.” Tsenolo 19:16.EN 495.3

    Baprista le babusi ba tla boela ba bona pono ea ka tlung ea lekhotla. Boemo bo bong le bo bong, bo tla hlaha joalekaha eka bo ngoliloe ka litlhaku tsa mollo. Joale bao ba ileng ba rapela ba re, “Mali a hae a botsoe rōna le bana ba rōna,” ba tla amohela karabo ea thapelo ea bona. Ka tsieleho e kholo le matsoalo ba tla llela mafika le lithaba ba re, re oeleng holimo. Sheba Tsenolo 10:16,17. EN 495.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents