Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 39—“BA FEPENG E LE LONA”

    [E itšetlehile ka Matheu 14:13-21; Mareka 6:32-44; Luka 9:1017; Johanne 6:1-13.]

    Nako ena e sa tloaelehang ea khutso e ile ea fela. Barutuoa ba ne ba hopotse hore ha ho letho le tla ba khathatsa, empa hang feela ha matšoele a se a sa bone mosuoe oa leholimo, a ile a botsa a re, “O kae?” Ba bang ba ne ba ile ba bona moo A lebang teng le barutuoa ba Hae. Ba bangata ba ile ba Mo latela ka maoto, ha ba bang bona ba ile ba kena liketsoaneng. Paseka e ne e se e atametse, ‘me baeti ba bangata ba neng ba le leetong la ho ea Jerusalema, ba ile ba bokana ho bona Jesu ho fihlela ho se ho bokane batho ba likete tse hlano, ho sa baloe bana le basali.EN 247.1

    Jesu A talima letšoele lena, A le leralleng ‘me “a le utloela bohlōkō, hobane le ne le le joaloka linku tse hlokang molisa.” O ile A tloha moo A neng A phomotse teng ‘me A ea moo A neng A tla tseba ho ba thusa.EN 247.2

    Batho ba ile ba mamela mantsoe a mohau, a neng a tsoa ho Mora oa Molimo, mantsoe a neng a folisa meea ea bona. Pholiso ea Hae e halalelang, e ne e tlisa bophelo ho ba shoang, phomolo le bophelo bo botle ho ba kulang. Letsatsi leo e ne e ka ba leholimong, ‘me ba ile ba lebala hore ba qetile nako e telele ba e-s’o ho je.EN 247.3

    Letsatsi joale le ne le e-ea malikelong, empa batho ba ile ba ‘na ba lula. Jesu O ne A sebelitse letsatsi lohle, A sa ka A ja kapa hona ho phomola, empa O ne A sitoa ho arohana le matšoele ao a neng a Mo bokanetse.EN 247.4

    Barutuoa ba ile ba kōpa hore batho bana ba lokolloe ba tsamaee molemong oa bona. Ba bangata ba ne ba e-so ho je letho esale ba tsoha. Ba ne ba ka tseba ho reka lijo litorotsoaneng tse neng li le pel’a moo. Empa Jesu O ile A re, “ba fepeng e le lōna.” O ile A retelehela ho Filipi ‘me A botsa A re, “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?” O ne A botša potso ena, e le ho leka tumelo ea morutuoa enoa. Filipi o ile a talima bongata boo ba batho ba neng ba bokane moo ‘me a araba ka hore, le ha ho ka rekoa bohobe ka lipeni tse makholo a mabeli, bo ke ke ba lekana ho fepa sechaba seo.EN 247.5

    Jesu O ile A botsa hore na ho ka fumanoa lijo tse kae, ho batho ba neng ba bokane moo. Andrease o ile a araba a re, “Moshanyana o teng mona, ea nang le linkhoa tse hano tsa harese le litlhapi tse peli, empa hoo e ka ba eng ho batho ba bangata hakaale?” Jesu A laela hore ba li tlise ho Eena, le hore barutuoa ba lulise batho fatše, ka lihlotšoana tsa mashome a mahlano kapa tsa lekholo, e le hore bohle e tle e be lipaki tsa seo A tla se etsa. Ha sena se se se etsahetse, Jesu “a nka linkhoa tse hano le litlhapi tse peli, a lelalla leholimong, a boka, a ngoatha bohobe, a bo nea barutuoa ba hae, hore ba abele batho, le litlhapi tse peli a li arolela bohle. Bohle ba e-ja, ba khōra, eaba ho bōkelloa makumane le marathana a litlhapi a ileng a tlatsa lirōtō tse leshome le metso e ‘meli.” Eo ea neng A rutile batho tsela ea ho bopa khotso le thabo, O ne A tsotella le bohloki ba bona ba nama joaloka ba moea.EN 248.1

    Jesu O ne A sa etse mohlolo haese ha A thusa bohloking, ‘me mohlolo o mong le o mong, o ne o etsetsoa ho tataisetsa batho sefateng sa bophelo. Lijo tsena tse neng li fepjoa batho ke barutuoa, li ne li na le thuto ea bohlokoa. Lijo tsena e ne e le tse tloaelehileng ho batšoasi ba lihlapi. Jesu A ka be A ntse A ba etselitse lijo tsa boemo, empa li ne li tla sebetsa feela ho khotsofatsa litakatso tsa bona, ‘me li ba hlokele molemo le thuto. Batho bana ba ile ba thabela lijo tsena tse tlase tseo ba li lokiselitsoeng ke Jesu ho feta kamoo ho neng ho ka ba ka teng hoja e ne e le lijo tsa boemo.EN 248.2

    Haeba batho ba ne ba ka tlohela lintho tsa bophahamo, ba latela melao ea tlhaho, ho ne ho tla ba le lijo tse ngata, ho lekana lelapa la batho. Batho ba ne ba sa tl’o batla lintho tsa mehlolo, ‘me ba ne ba tla fumana menyetla e mengata ea ho sebetsa ka litsela tsa Molimo. Empa boikhabo le ho tloaela litatso tse sa tloaelehang, li tlisitse sebe le masoabi lefatšeng.EN 248.3

    Ho matšoele ao a khathetseng a lapileng, thuto e bonolo e bile tiisetso e seng ea matla a Jesu feela, empa le tlhokomelo ea Hae linthong tseo ba li hlokang ka mehla bophelong. Mopholosi ha A tšepisa balateli ba Hae maruo. Ba ka phela bophelo bo tlase, ba bohloki, ba bofutsana. Empa lentsoe la Hae le tiisa hore ba tla fuoa seo ba se hlokang, ‘me O ba tšepisitse se seholo ho feta lintho tsa lefatše, e leng boteng ba Hae bo tšelisang.EN 249.1

    Molimo O etsa mohlolo tsatsi le leng le le leng ka ho hlahisa kotulo ea lefatše. Mosebetsi o tšoanang le oa ho fepa bongata o ntse o phethoa, ka lintho tsa tlhaho. Batho ba lema mobu ‘me ba jale peo, empa bophelo bo tsoang ho Molimo ke bona bo etsang hore peo e mele. Molimo ke ‘Ona O fepang likete-kete tsa batho, kotulong ea masimo a lefatše ka letsatsi le letsatsi. Batho ba nkile tšebetso ena ea matla a Hae e tlisoa ke lintho tsa tlhaho, kapa tšebetso ea batho. Ebe ho rorisoa motho sebakeng sa Molimo, ‘me ebe limpho tseo A li fanang, ka mohau, li etsoa thohako ho fapana le lehlohonolo. Molimo O lakatsa hore re bone Eena limphong tseo A re fang tsona. Mehlolo ea Jesu e ile ea etsoa ho phethisa sena.EN 249.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents