Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 50—HAR’A MARABA

    Khaolo ena e itšetlehile ho ]ohanne 7:16-36; 40-53; 8:1-11.

    Nakong eohle ea mokete Jesu O ne A lika-likelitsoe ka lihloela. Letsatsi ka letsatsi ho ne ho lekoa mano a macha ho Mo khutsisa. Baprista le babusi ba ne ba rera ho Mo thibela ka leqholo. Tsatsing la Hae la pele moketeng ba botsa hore na ke ka matla a tsoang ho mang A rutang.EN 308.1

    Jesu A re, “Thuto ea ka hase ea ka, empa ke ea ea nthōmileng; ha motho a rata ho etsa thato ea ea nthōmileng, o tla tseba hore na thuto eo e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ka bonna.” A re temoho le kananelo ea ‘nete li itšetlehile pelong ho fetisa maikutlong. ‘Nete e hloka hore thato ea motho e ikokobeletse eona. E amoheloa ka tšebetso ea mohau pelong; ‘me ho e utloisisa ho itšetlehile holim’a ho furalla sebe se seng le se seng seo Moea oa Molimo o se senolang. Ho lokela ho be le boikemisetso ba ho lahla tloaelo e ‘ngoe le e ‘ngoe le ketso ka ‘ngoe e hananang le methèo ea ‘nete. Ba ineelang ho Molimo ka tsela ena ba tla tseba ho hlalohanya pakeng tsa ba buang tsa Molimo le ba ipuelang tsa bona feela. Bafarisi ba ne ba sa batle ho tseba ‘nete, ba ne ba mpa ba batla ho fumana mokhoa oa ho e qoba. Ke eona taba e entseng hore ba se utloisise thuto tsa Kreste.EN 308.2

    “Ea ipolelang o ipatlela tlōtla, athe ea batlang tlōtla ea ea mo rōmileng, eena ke oa ‘nete, ‘me ho se lōke ha ho eo ho eena.” Moea oa boipatlo o se o ntse o ipolela hore na o tsoa kae. Empa Kreste O ne A batla tlōtliso ea Molimo. Hona e ne e le bopaki ba hore na matla a Hae a boruti a tsoa kae.EN 308.3

    Jesu A fa baruti ba molao pontšo e kholisang ea boMolimo ba Hae ka ho bontša hore O bala lipelo tsa bona. Ba ne ‘nile ba rera ho ‘molaea, ka hona ba ne ba roba molao oo ba neng ba bolelisa ho o sireletsa. A re, “Na Moshe ha aa ka a le nea Molao? Empa ha ho le ea mong ea phethang Molao oo. Ke ka baka la’ng ha le batla ho mpolaea?”EN 308.4

    Joaleka khanya ea liseli e potlakileng mantsoe ana a senola lemena la tahleho leo haufi ba tla oela ho lona. Ka motsotsoana ba bona hore ba ntoeng le Ea-Matla-Ohle. Empa ba ne ba sa rate ho eletsoa. Ba rera ho pata merero ea bona ea bobolai. E le ho leka ho baleha potso ka bohlale, ba hōoa ba re, “U na le modemona; ke mang ea batlang ho u bolaea?”EN 309.1

    Puong e sothiloeng e reng mesebetsi ea Hae e makatsang e susumetsoa ke moea o litšila, Kreste A se ke A e tsotella. A tsoela pele ho bontša hore ketso ea Hae ea ho phekola Bethesaida e nepahetse ho latela tlhaloso eo Bajuda ba hlalosang Sabatha ka eona. Ka ho ea ka molao, ngoana e mong le e mong o lokela ho bōlōtsoa ka letsatsi la borobeli. Haeba nako e khethiloeng e e-ba ka Sabatha, moetlo o ne o tšoanela ho phethoa hang-hang. Ha hole joalo ho nepahetse hakaakang ho folisa motho “kahohlehohle ka Sabatha?” A ba lemosa A re, “Se ahlōleng ho ea ka tšobotsi, empa ahlōlang ka kahlōlo e lōkileng.” Babusi ba tholisoa.EN 309.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents