Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moleko O Tlisang Khoao

    Mantsoe a tsoang leholimong a reng, “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang” a ne a ntse a luma ka litsebeng tsa Satane. Empa a ikemisetsa ho etsa hore Kreste A se ke A lumela bopaki bona. Lentsoe la Molimo e ne e ile ea e-ba tiiso ea borōmuoa ba leholimo; le ne le ile la phatlalatsa kamano ea hae le leholimo. Satane o ile a itherela ho Mo etsa hore A se ke A lumela lentsoe leo. Haeba tšepo ea Kreste ho Molimo e ne e ka sisinngoa, Satane o ne a tseba hore a ka hlōla Jesu. O ne a hopola hore ha Kreste A lapile, A khathetse matla, O ne A ka lahla tšepo ho Ntat’ae, ‘me A etse mohlolo o Mo thusang. Hoja A etsa hona, leano la pholoso le ka be le senyehile.EN 73.1

    Satane o ile a sebelisa ka matla monyetla ona oo a neng a nahana hore o o fumane. O ile a re, le leng la mangeloi a matla le tebetsoe leholimong. Jesu O ne A shebahala e ka ke lona lengeloi leo le oeleng, le qheletsoeng ka thōko ke Molimo le batho. Sebōpuoa se halaleleng se ne se ka netefatsa tlaleho ena ka ho etsa mohlolo: “Haeba u Mora oa Molimo, e-re majoe ana a fetohe bohobe!” Ketso ena ea matla a tlholo, e ne e tla ba bopaki ba ho qetela ba bo-Molimo. Ha rialo Satane. E ne e tla felisa khanyetsano.EN 73.2

    Empa Mora oa Molimo O ne A sa hloke ho pakahatsa bo-Molimo ba Hae ho Satane. Hoja Kreste A latela tlhahiso ea sera, Satane a ka be a ile a boela a re, mpontše letšoao ke tie ke lumele hore U Mora oa Molimo. Kreste O ne A ke ke A sebelisa matla A boMolimo molemong oa Hae. O ne A tlile ho jara liteko joalokaha re tsoanetse, A re siele mohlala. Mesebetsi ea Hae e babatsehang eohle e ne e etsetsoa molemong oa ba bang. Kamora’ hore A hopole litaba tsa lentsoe le tsoang leholimong, le neng le Mo matlafatsa, le bile le Mo hopotsa ka lerato la Ntat’ae, Jesu A ba le phomolo moeeng oa Hae.EN 73.3

    Jesu O ile A arabela Satane ka mangolo, A re, “Ho ngotsoe”. Sebetsa ntoeng ea hae e ile ea e-ba lentsoe la Molimo. Satane o ile a kōpa Jesu ka matla hore A etse mohlolo. Empa se seholo ho feta mehlolo eohle, eleng boitšetleho bo tiileng ka mantsoe ana a reng, “Ho itsalo Morena,” e ne e le letšoao le ke keng la fetoloa. Ha Kreste A eme boemong bona, Moleki o ne a ke ke a Mo qhekella.EN 74.1

    Nakong ena eo A neng A fokola haholo, Kreste O ile A hlaseloa ke meleko e boima ka ho fetisisa. Satane o nka monyetla oa bofokoli ba botho. Sheba Lipalo 20:1-13; I Marena 19:1-14. Ha re tsielehile kapa re tšoenngoa ke bofutsana kapa nyahamo eba Satane o atamela ka meleko, ho re hlasela hona moo re fokolang, ho sisinya tšepo ea rōna ho Molimo. Hangata moleki o tla joalokaha a ile a tla ho Kreste. O re bontša bofokoli ba rōna. O lakatsa ho nyahamisa meea ea rōna, kahoo a khaole boitšoarello ba rōna ho Molimo. Empa ha re ka mo arabela joaleka Jesu o tla sitoa ho re hlōla.EN 74.2

    Kreste O ile A re ho moleki, “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e ‘ngoe le e ‘ngoe e tsoang molomong oa Molimo.” Lilemong tse fetang sekete le makholo a mane tse fetileng mane lefeelleng ha Ba-Iseraele ba e-ea Kanana, Molimo A rōmella batho ba Hae manna, a sa khaotse, a tsoang leholimong. Hona e ne e le ho ba ruta hore ha ba tšepa Molimo, ‘me ba tsamaea litseleng tsa Hae, O ne A ke ke A ba lahla. Ka lentsoe la Molimo, makhotla a Baheberu a ne a ile a fumantšoa thuso, ‘me ka lentsoe lona leo, Jesu O ile A fumantšoa thuso. O ile A emela hore Molimo O Mo pholose ka nako ea Oona. O ne A ke ke A fumana lijo ka ho latela likeletso tsa Satane. Ho ikarohanya le thato ea Molimo ka mokhoa ofe kapa ofe, ke tsietsi e kholo ho feta ho utloisoa bohlōkō ka mekhoa e meng.EN 74.3

    Hangata molateli oa Kreste o ee a fihlisoe moo ho bonahalang eka ho latela litaelo tse totobetseng tsa Molimo ho ka mo hlokisa mekhoa ea boipheliso. Satane o etsa hore a lumele hore a nyahlatse se mo kholisang letsoalong la hae. Empa ntho e ‘ngoe feela eo re ka e tšepang -ke lentsoe la Molimo. Bona Matheu 6:33. Ha re ithuta ka matla a Lentsoe la Hae, ha re na ho latela likeletso tsa Satane ho fumana lijo kapa ho pholosa maphelo a rona. Re tla mamela litaelo tsa Molimo re tšepe litšepisong tsa Hae.EN 74.4

    Ntoeng e kholo ea ho qetela le Satane, ba tšepahalang ho Molimo ba tla bona tsohle tseo ba li tšepang lefatseng li tlosoa ho bona. Ba tla haneloa ho reka kapa ho rekisa, hobane ba tla be ba hana ho tlōla molao oa Hae. Sheba TSenolo 13:11-17. Empa ba mamelang ba fuoe tšepiso ena, “Ke eena ea tla phela bakeng tse phahameng....Lijo o tla li fuoa, a ke ke a hloka metsi.” Esaea 33:16. “Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla khora.” Lipesaleme 37:19.EN 75.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents