Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Batho Ba Phuthehela Ho Jesu

    Ho bo bong ba boporofeta ba pele ka Kreste, ho ngoliloe ho thoe, “Lere la bokhosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaoli ho litlōhōlō tsa hae, ho fihlela mong’a lona a fihla, eena eo lichaba li tla mo mamela.” Tsimoloho 49:10. Sechaba se ne se bokellana ho Kreste. Hoja baprista le baruti ba se kena-kenane le Eena, lithuto tsa Hae li ka be li hlahisitse phetoho eo lefatše le neng le e-s’o ka le e bona. Empa baetapele bana ba ne ba ikemiselitse ho senya tšusumetso ea Jesu. Ba lekile ho phethahatsa taba ena ka ho Mo qōsa lekhotleng le phahameng, le ka ho Mo nyefola phatlalatsa har’a batho. Mang kapa mang ea neng a ka nyefola litaelo tsa bo-rabbi, o ne a ahlōloa ka molato oa bohlaba-phieo. Ka mokhoa oona, bo-rabbi ba ne ba leka ho etsa hore Kreste A belaelloe ka hore O leka ho felisa meetlo e thehiloeng, kahoo O baka karohano sechabeng ‘me O lōkisetsa Baroma tsela ea ho ba hatella ka botlalo.EN 132.3

    Kamorao ho hore Satane a hlōlehe ho hapa Kreste lefeelleng, o ile a kopanya mabotho a hae ho loantsa Kreste le ho senya mosebetsi oa Hae. O ile a matlafatsa merero ea hae ho foufatsa likelello tsa sechaba sa Bajuda, hore ba se ke ba amohela Molopolli oa bona, ‘me a tlatsa baetapele ba bona ka bora ba hae ho senatla sa ‘nete. O ne a tla ba etella pele hore ba lahle Kreste ‘me ba Mo sulafalletse bophelo ka mekhoa eohle, ka khopolo ea ho Mo nyahamisa thomong ea Hae.EN 133.1

    Jesu O ne A tlile ho etsa “hore Molao oa hae o be moholo, o tlōtlehe.” Esaea 42:21. O ne A tlile ho lokolla Sabatha melaoaneng e boima, e neng e fetotse letsatsi lena thohako bakeng sa lehlohonolo. Ke ka baka lena A ileng A khetha ho folisa motho Bethestha ka Sabatha. O ne A ka folisa monna enoa ka letsatsi lefe kapa lefe, kapa A mo folisa feela ebe ha A mo laele hore a nke liphate tsa hae. Empa O ile A khetha motho ea neng a le tsietsing e kholo ka ho fetisisa, ‘me A bolella monna eo hore a tsamaee kahar’a motse, a jere liphate tsa hae, e le ho phatlalatsa mosebetsi o moholo o entsoeng ho eena. Ketso ena e ne e tla Mo bulela monyetla oa hore A hlaole lithibelo tsa Bajuda malebana le letsatsi la Morena, ‘me A be A phatlalatse hore meetlo ea bona ke lefeela.EN 133.2

    Jesu A bolela hore mosebetsi oa ho thusa ba mahlomoleng o lumellana le molao oa Sabatha. Mangeloi a Molimo ha a khaotse ho sebeletsa batho ba mahlomoleng. “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela joale, ‘me le ‘na kea sebetsa.” Matsatsi ‘ohle ke a Molimo, ‘me ka ‘ona ho phethahatsoa merero ea Hae bakeng sa batho. Haeba mokhoa oo Bajuda ba neng ba hlalosa molao ka oona o ne o nepahetse, ho ne ho tla hlokeha hore Eena ea hlōlileng letsatsi la Sabatha, A ke A khaotse mosebetsi oa Hae ‘me A emise tšebeletso ea kamehla, e sa khaotseng, ea leholimo le lefatše.EN 133.3

    Na Molimo O tšoanela ho thibela letsatsi hore le se ke la phetha mosebetsi oa lona ka Sabatha? Na O tlameha ho laela melatsoana hore e se ke ea noesetsa masimo le meru? Na koro le mabele li tlameha ho khaotsa ho hōla? Na lifate le lipalesa li tlameha hore li se ke tsa thunya ka Sabatha?EN 134.1

    Molimo A ke ke A tlosa letsoho la Hae leha e le ka nakoana feela, hoba motho a ka akheha, a shoa. Motho le eena o na le mosebetsi oo a lōkelang ho o etsa ka letsatsi lena. O tlameha ho hlokomela bakuli, le ho thusa bahloki. Letsatsi la Molimo le halalelang la phomolo le etselitsoe motho; kahoo Molimo ha A lakatse hore ka letsatsi la Sabatha, leha e ka ba ka nakoana e fokolang feela; ebe libōpuoa tsa Hae li utloa bohlōkō bo neng bo ka folisoa.EN 134.2

    Molao oa Sabatha o re thibela ho phetha mosebetsi oa ka mehla ka letsatsi lena la Morena; re khaotse mosebetsi oa boipheliso; re khaotse le mosebetsi oa boithabiso ba lefatše le oa ho eketsa leruo, hobane e khahlanong le molao oa letsatsi lena. ‘Me joalekaha Molimo A ile A emisa mosebetsi oa Hae oa ho hlola, eaba Oa phomola ka Sabatha, ka mokhoa o joalo feela motho o tlameha ho tlohela mesebetsi ea hae ea letsatsi le letsatsi, ‘me ka lihora tseo tse halalelang, a inehele ho phomola e le ho ntlafatsa bophelo, a inehele ho rapela le ho etsa liketso tse halalelang. Kreste O ne A tlōtlisa Sabatha ha A folisa mokuli eo.EN 134.3

    Empa Bafarisi ba ne ba chesa ke khalefo. Ka kutloisiso ea bona Jesu O ne A sa tlōla molao feela, empa O ne A bile A iketsa ea lekanang le Molimo hobane A itse “Molimo ke Ntat’ae ka sebele.” Ba ile ba Mo qōsa ka nyefolo. Bahanyetsi bana ba Kreste ba ne ba emela mekhoa le meetlo ea bona feela, empa tsena li ne li bonahala li fokola ebile li sa utloahale, ha li bapisoa le mabaka ao Jesu A neng A a qotsitse Lentsoeng la Molimo, le liketsahalong tse sa khaotseng tsa tlhaho. Empa baruti ba iphapanyetsa lintlha tseo A li hlahisitseng, ‘me ba batla mokhoa oa ho Mo tsosetsa mofere-fere, kahobane A bolela hore O lekana le Molimo. Hoja ba se ke ba tšaba sechaba, baprista le baruti ba ka be ba bolaetse Jesu hona moo. Empa maikutlo a batho ba bangata a ne a sekametse lehlakoreng la Hae. Ba bangata ba ne ba amohetse hore O nepile ha A folisitse mokuli Bethestha.EN 134.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents