Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Matšoele-tšoele A Ne A Maketse

    Batho ba ne ba e-na le monahano oa hore thabo e bolela ho hapa lintho tsa lefatše lena, le hore botumo le hlonepho li tšoanela ho honoheloa. E ne e le ntho e thabisang ho bitsoa “Rabbi” le ho rorisoa hore o bohlale, ‘me oa halalela. Empa Jesu O ile A phatlalatsa hore hlompho ea lefatše ke eona feela eo batho ba kang bao, ba tlang ho e fumana. Matla a makatsang a ne a tsamaea le lipolelo tsa Hae. Ba bangata ba ne ba na le tumelo ea hore Rabbi enoa ea makatsang o susumetsoa ke Moea oa Molimo.EN 205.4

    Kamora’ ho hlalosa hore na thabo ea ‘nete e ka fumaneha joang, Jesu A supa mosebetsi oa barutuoa ba Hae, O ne A tseba hore hangata ba ne ba tla hlapaoloa ‘me bopaki ba bona bo hanyetsoe. Banna ba ikokobelitseng ba ‘neng ba mametse lipolelo tsa Hae, ba ne ba tla jara tšenyo ea mabitso, litlatlapo, ho koalloa teronkong le lefu, A tsoela pele, a re:EN 205.5

    “Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka, hobane ‘Muso oa maholimo ke oa bona. Le lehlohlonolo ha le hlapaoloa, le hlorisoa, le etseletsoa ka mekhoa eohle ka baka la ka. Thabang, le nyakalle, hobane moputso oa lona o moholo maholimong; etsoe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitsoe joalo.”EN 206.1

    Lefatše le rata sebe ‘me le hloile ho loka. Sena ke sona sesosa sa hore Jesu A se ke A amoheloa. Khanya ea Kreste e fiela lefifi le koahelang libe tsa bona, ‘me ho totobale hore ba hloka ho nchafatsoa. Ba itlosang ho Moea o Halalelang ba qala ho itoantsa; ba itšoareletseng sebeng ba loantsana le ‘nete hammoho le baemeli bohle ba eona.EN 206.2

    Ka hona balateli ba Kreste ba ahlōloa ka hore ke batšoenyi ba batho. Empa ke setsoalle le Molimo se ba tlisetsang bora le lefatše. Ba tsamaea tsela e ileng ea tsamauoa ke ba Khobane ba lefatše. Teko efe kapa efe ba enka e le sesebelisuoa sa Molimo se ba isang tōkōlōhong. Qabang efe kapa efe e ekeletsa holim’a thabo ea bona ea tlhōlo ea ho qetela. Ka ho sheba tsena teko ea tumelo ea bona e amoheloa ka thabo hona le hore e tlise tšabo.EN 206.3

    “Le letsoai la lefatše.” Se keng la ikarohanya ho lefatše e le ho balehela lipolao. Le lule har’a batho, e le hore lephoka la lerato le halalelang e tie e be letsoai ho sireletsa lefatše tšenyehong. Haeba batho ba sebeletsang Morena ba ka tlosoa lefatseng, lefatše lena le ka sala tsenyehong. Ba babe ba fumana mahlohonolo a bophelo bona ka lebaka la batho ba Molimo bao ba ba nyatsang le ho ba hatella. Empa haeba batho ke Bakreste ka lebitso feela, ba tšoana le letsoai le tapileng. Ka ho se emele Molimo hantle ba babe le ho feta bahedene.EN 206.4

    “Le leseli la lefatše.” Pholoho e ka khanya ea letsatsi; eo e leng ea lefatše kaofela. Thuto ea Bibele ha e ea tlameha ho lula maqepheng a buka ena feela, kapa hona marakong a kereke. E tlameha ho halaletsa bophelo ba letsatsi ka leng, ‘me e iponahatse bophelong ba rōna ba ka mehla. Melao ea ho loka e tlameha ho bōlōkoa lipelong tsa rōna. Bophelo bo feletseng, botšepehi ba ‘nete, moea o mohau, mohlala o boMolimo -tsena ke tsona litsela tseo khanya e finyellang ka tsona lefatseng.EN 206.5

    Jesu O na tseba hore lihloela li teng tse emeng ho tšoaea lentsoe lefe kapa lefe, ‘me le ne le tla nkuoa e le lona la ho Mo qosa hore mosebetsi oa bona o phethahale. Ha A ka A bua letho le ka khoehlisang tumelo ea bona nthong tseo ba li filoeng ka Moshe. Kreste ke Eena ea neng A ba file melao ea boitšoaro le ea tsamaiso ea mekete. O ne A sa tla ho tlosa tšepo litaelong tsa Hae. Ha A ntse A qhelela ka thōko botoloki bo fosahetseng ba molao, O ne A le hlokolosi hore A se lahle linnete tsa mantlha tseo Baheberu ba neng ba li fuoe.EN 207.1

    Ho Bafarisi lipolelo tsa Mopholosi li ne li luma joaloka bohata. Ha A ntse A fiela lithole tseo ka tlase ho tsona ‘nete e neng e tsetetsoe, ba ne ba nahana hore O fiela ‘nete ka bo-eona. A bala menahano ea bona, eaba O ea ba araba A re, “Le se ke la nahana hore ke tlile ho felisa Molao kapa Baporofeta; ha kea tla ho li felisa, ke mpa ke tlile ho li phethahatsa.” Mosebetsi oa Hae e ne e le ho netefatsa litemana tsa molao tseo A neng A ahlōloa ka hore O li tlotse. Haeba molao oa Molimo o ne o tlameha ho fetoloa kapa ho felisoa, Kreste O ne A sa hloke ho utloisoa bohlōkō ka baka la melato ea tlōlo ea rōna ea molao. O ne A tlile ho hlalosa kamano ea molao le motho ka bophelo ba Hae ba hlompho.EN 207.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents