Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 80—JESU O PHOMOLA LEBITLENG LA JOSEFA

    Letsatsi la tlontlollo le tšotleho le ne le fihlile qetellong. Ha letsatsi le likela, Sabatha e fihla, Mora oa Molimo A phomola lebitleng la Josefa, A phethile mosebetsi oa Hae.EN 513.1

    Tsimolohong Ntate le Mora Ba ne Ba ile Ba phomola ka Sabatha, kamora’ mosebetsi oa bona oa ho hlōla. Sheba Tšimoloho 2:1. Libōpuoa tsohle tsa leholimo tsa na tsa thabela ho bona pono eo e khanyang. Joale Jesu O ile A phomola mosebetsing oa Hae oa ho pholosa; ‘me thabo e ne e le kholo leholimong, le hoja ba neng ba mo rata lefatšeng, ba ne ba hlorile. Molimo le mangeloi, ba ile ba bona sechaba se pholositsoeng, se neng se sa tl’o hlōla se e-oa, hobane se ne se hlotse sebe -tsena e ne e le litholoana tse neng li hlahisoa ke mosebetsi o phethehileng oa Kreste.EN 513.2

    Ho tla be ho fihle “mehla ea tokiso ea lintho tsohle.” Liketso 3:21, Sabatha e hloliloeng, letsatsi leo Jesu a neng a phomotse lebitleng la Josefa e tla ba letsatsi la phomolo le monyaka. “Ka Sabatha se seng le se seng” (Esaea 66:23) lichaba tse pholositsoeng li tla khumamela Molimo le Konyana ka thabo.EN 513.3

    Liketsahalong tsa ho qetela, letsatsing leo Jesu A neng A thakhisoa ka lona, ho ile ha hlaha bopaki bo bocha, bo supang boMolimo ba Kreste. Kamora’ hore Mopholosi A hooe, nakong eo A neng A e-shoa, lentsoe le leng le ile la utloahala, le reng “Kannete enoa e ne e le Mora oa Molimo.” Matheu 27:54.EN 513.4

    Mantsoe ana a ne a buuoa a sa sejoe. A ne a buuoa ke mang? E ne e le molaoli oa lekholo oa masole a Roma. Mamello ea boMolimo ea Mopholosi, lefu la Hae la sekhahla, mohoo oa Hae oa tlholo o melomong ea Hae, li ne li hloletse mohedene enoa. ‘Meleng oa Hae o robiloeng, o leketlileng sefapanong, musisi o ile a lemoha le ho elelloa Mora oa Molimo. Letsatsing leo A neng A e-shoa ka lona, banna ba bararo ba ne ba bontšitse tumelo ea bona — Molaoli oa lekholo oa Roma, ea neng a jere sefapano sa Hae, le ea ileng a shoa lehlakoreng la Hae.EN 513.5

    Ha nako ea mantsiboea e atamela, ho ile ha e-ba le ho khutsa ho sa tloaelehang Gologotha. Batho ba bangata ba ne ba khobokane ho tla shebella thakhiso, ba batla ho bona ho tla etsahala, eseng hobane ba ne ba hloile Kreste. Le ha ho le joalo, ba ne ba ntse ba talima Kreste e le ‘maki oa meferefere. Ka baka la pherekano e sa tloaelehang ba ne ba ile ba ikopanya le ba neng ba Mo soma. Ha lefatše le se le aparetsoe ke lefifi, ba ile ba iphumana ba le molato o moholo. Ha lefifi le apoha ba khutlela hae ka masoabi le khutso e mahlonoko, ba khotsoe hore liqoso tsa baprista ke leshano, le hore Jesu ha se moikaketsi. Kamora’ liveke li se kae ha Petrose a ruta, letsatsing la Pentekonta, batho bana ba ile ba e-ba har’a likete tse ileng tsa sokolohela ho Kreste.EN 514.1

    Empa baetapele ba Bajuda bona ha ba ka ba fetoha; lehloeo la bona ha lea ka la kokobela. Lefifi le neng le koahetse nakong ea thakhiso, le ne le fokola ha le bapisoa le le neng le koahetse likelello tsa bona. Tlhaho e ne e tsebile Kreste, ‘me e fane ka bopaki ba hore ke Molimo. Empa baprista le babusi ba Iseraele ba ne ba sa tsebe Mora oa Molimo. Ba ne ba bolaile Kreste. Empa le ka eona nako eo ho neng ho bonahala eka ba Mo hlotse, ba ne ba ntse ba jeoa ke matsoalo. Ebe joale ho tla etsahala eng? Ba ne ba ile ba utloa ha A hōoa A re “Ho phethehile.” Johanne 19:30. Ba ne ba ile ba utloa tšisinyeho e kholo ea lefatše, ‘me ba hloka khotso. Ba ne ba tšaba Kreste ea shoeleng ho feta ea phelang. Ba ne ba tšaba ha ho ka eloa hlōkō liketsahalo tsa ha A thakhisoa. Ba se ke ba lakatsa hore ‘mele oa Hae O sale sefapanong ka Sabatha. E ne e tla ba ho silafatsa letsatsi leo ha ho ne ho ka tlohelloa ‘mele eo e leketlile sefapanong. Baetapele ba Bajuda ba ile ba sebelisa lebaka lena hore ba tsebe ho kōpa Pilato hore a potlakise lefu la batho bana, me litōpō tsa bona li tlosoe pele letsatsi le likela.EN 514.2

    Kamora’ hore tumello e fanoe meomo ea masholu a mabeli e ile ea rojoa ho potlakisa lefu la bona; empa Jesu O ne A se A shoele, masole ao a lipuo li sa lokang, a ne a nolofalitsoe ke tseo ba li utloileng le tseo ba li boneng ho Kreste, ba ile ba sitoa ho roba meomo a Hae. ‘Me joale, molao oa Paseka o ne o phethehile, “Ba se ke ba itšiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojoang.” Lipalo 9:12.EN 515.1

    Baprista le babusi ba ile ba makala ha ba fumana Kreste a shoele. E ne e le ntho e e-song ho utluoe, hore motho ea thakhisitsoeng A ka shoa pele lihora tse tseletseng li feta. Baprista ba ne ba batla ho ikholisa hore efela Jesu A shoele, ‘me ba ile ba laela lesole ho mo hlaba ka lerumo lehlakoreng. Leqebeng le entsoeng ke lerumo ho ile ha tsoa mali le metsi, li arohane.EN 515.2

    Johanne o re “e mong oa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, ‘me hang-hang ha tsoa mali le metsi. Ea boneng o pakile, ‘me bopaki ba Hae ke ba ‘nete,....Tsena li etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ea Mangolo e reng: ‘Ha ho lesapo la hae le tla rojoa.’ Temana e ‘ngoe hape e re: ‘Ba tla talima eo ba mo hlabileng.’” Johanne 19:34-37.EN 515.3

    Kamora’ tsoho ea Hae, baprista ba ile ba tlatsa tlaleho ea hore Kreste ha A ka A shoa sefapanong, empa O ile A akheha feela, ‘me O ile A tsoha hamorao. Ketso ea lesole la Roma e bontšitse hore O ne A se A shoele. Ebang bophelo bo ne bo e-s’o fele, leqeba leo la lerumo le ka be le Mo bolaile kapele.EN 515.4

    Empa e ne e se lerumo kapa bohlōkō ba sefapano, tse bakileng lefu la Jesu. Mohoo oo o ileng oa etsoa “Ka lentsoe le leholo” (Matheu 27:50; Luka 23:46), nakong ea lefu la Hae, le seliba sa mali le metsi, li ne li bontša hore O bolailoe ke pelo e robehileng — e robiloeng ke mahlomola a kelello, E tabotsoe ke libe tsa lefatše.EN 515.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents