Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Teko Ea Ho Arola Barutuoa

    Borabbi ba fumana monyetla oa ho qosa Jesu, ‘me ba khetha ho sebelisa barutuoa. Ba leka ho ba arohanya le mong’a bona ka ho leka ho ba kenya pelaello ho Eena. “Ke ka baka la’ng moruti oa lona a jang le balekhetho le baetsalibe?” ba botsa barutuoa.EN 183.3

    Jesu ha A ka emela barutuoa ho araba empa Eena A araba: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle....Ke tlile ho bitsa baetsalibe, e seng ba lokileng.” Bafarisi ba ne ba inka ba phethahetse moeeng, kahoo ba sa hloke ngaka. Ba ne ba nkile balekhetho le Balichaba e le ba bolaoang ke mafu a moea. A e ne e se mosebetsi oa Hae, joaloka ngaka, ho ea sehlopheng se hlileng se hlokang thuso ea Hae?EN 183.4

    Jesu A re ho borabbi, “E-eang, le ithute hore na ke ho re’ng ha ho thoe: ‘Ke thabela, mohau, e seng sehlabelo.’” Ba ne ba ipolela hore ba ka hlalosisa Lentsoe la Molimo, empa ba ne ba sa tsebe moea oa lona ho hang.EN 183.5

    Bafarisi ba khutsa nakoana empa, lehloeong la bona, ba ikemiselitse ho leka leqheka le leng la ho etsa hore barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba loantše Jesu. Bafarisi bana ba ne ba ile ba supa ka ho phoqa moaparo le mekhoa ea Mokolobetsi ea bophelo, ba re o apara liaparo tse mahoashe ‘me ba ‘mitsa hore ke lehlanya. Ba leka ho fuluoa batho hore ba be khahlanong le eena. Moea oa Molimo O ne O ile Oa ama lipelo tsa basomi bana, Oa ba kholisa ka sebe, empa ba ne ba ile ba bolela hore Johanne Mokolobetsi o tšoeroe ke modemona.EN 183.6

    Eare ha Jesu A e-tla ka tsele ea ho kopana le batho, A e-ja, A e-noa le bona meketeng ea bona, ba Mo qosa ka hore O meharo ‘me O noa veine ho tlola tekanyo. Ba ne ba sa utloisise hore Jesu O noa le ho ja le baetsalibe e le hore A tle A tlise leseli la leholimo ho ba lutseng lefifing. Ha ba ka ba hlokomela hore lentsoe le leng le le leng le buuoang ke Moruti ea halalelang ke peo e phelang e tla mela, ‘me e behe litholoana tlotlisong ea Molimo. Ba ne ba ikemiselitse ho se amohele leseli, ‘me lehoja ba ne ba ile ba loantša boqosa ba Johanne Mokolobetsi, joale ba itokisetsa metsoalle ea barutuoa ba hae, ka tšepo ea ho ba etsa lira tsa Jesu. Bafarisi ba re Jesu O nyefola meetlo ea khale, ‘me ba bontša phapang pakeng tsa boitimo bo matla ba borapeli ba Johanne Mokolobetsi le ho ja ha Jesu, A e-ja le balekhetho le baetsalibe.EN 184.1

    Barutuoa ba Johanne nakong ena ba ne ba le masoabing a maholo. Moruti oa bona ea ratuoang o ne a le teronkong, ba qetile matsatsi ba llela mong’a bona. Hape Jesu ha A ka A leka ho lōkōlla Johanne; ebile O ne A bonahala A nyatsa lithuto tsa Johanne. Haeba Johanne a ne a rōmiloe ke Molimo, ke hobaneng ha Jesu le barutuoa ba Hae ba nkile tsela esele e sa tšoaneng le ea Johanne?EN 184.2

    Barutuoa ba Johanne ba ne ba nahana hore mohlomong liqoso tsa ka ‘na haeba le Bafarisi li na le mothèo. Barutuoa ba ne ba hlokomela melao e mengata e entsoeng ke borabbi. Boitimo e ne e le ntho e etsoang ke Bajuda e le ketso ea ho eketsa ho loka; ba neng ba tihile haholo tumelong ba ne ba itima matsatsi a mabeli beke le beke. Bafarisi le barutuoa ba Johanne ba ne ba itimme ha barutuoa ba tla tla ho Jesu ho tla botsa hore “Ke ka baka la’ng rōna le Bafarisi re itimang lijo hangata, empa barutuoa ba hao ba sa itime?”EN 184.3

    Jesu A araba ka bonolo. Ha A ka A leka ho tšoaea phoso kutloisiso ea bona ea boitimo, e sa nepahalang A mpa A ba otlollela tsa borōmuoa ba Hae. Johanne Mokolobetsi o ne a ile a re, “Ea nang le monyaluoa ke monyali, empa motsoalle oa monyali, ea emeng pel’a hae, ‘me a mo utloa, o ee a thabe haholo ka baka la lentsoe la monyali. Ha ho le joalo, thabo ena ea ka e phethahetse.” Johanne 3:29. Barutuoa ba johanne ba ne ba ke ke ba lebala ho hopola mantsoe a moruti oa bona. Ha Jesu A sebelisa eona papiso eo A re, “Na le ka re baetsana ba itime lijo ha monyali a ntse a e-na le bona?”EN 184.4

    Khosana ea leholimo e ne e le teng har’a sechaba sa Eona. Mpho e kholo-kholo ea Molimo e ne e fuoe lefatše. Thabo ho bafumanehi, hobane O tlile ho ba etsa majalefa a ‘muso oa Hae. Thabo ho barui, hobane O ne A tla ba ruta ho hlokomela maruo a bo sa feleng. Thabo ho ba se nang tsebo hobane O ne A tla ba hlalefisetsa pholohong. Thabo ho barutehi hobane O ne A tla ba senolela makunutu ka botebo bo fetang kamoo ba kileng ba a utloisisa. Ena e ne e se nako ea barutuoa ea ho lla le ho itima lijo. Ba ne ba tšoanetse ho bula lipelo tsa bona ho amohela leseli la khanya ea Hae, hore ba tle ba arolelane leseli le ba lutseng lefifing le moriting oa lefu.EN 185.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents