Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bokhopo Bo Boholo Ba Matsatsi A Ho Qetela

    Kreste A tsoela pele ka hore, “Joaloka mehleng ea Nōoe, ho tla ba joalo ha Mor’a Motho a e-tla. Mehleng eo, e bileng pele ho moroallo oa metsi, batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ho fihlela letsatsing leo Nōoe a neng a kene arekeng ka lona. Ha baa ka ba tseba ho fihlela moroallo oa metsi o fihla, o ba hōhōla kaofela. Ho tla ha Mor’a Motho le hona ho tla ba joalo.”EN 428.4

    Ho ne ho le joang matsatsing a Nōoe? “Joale Morena a bona hore bokhopo ba batho lefatšeng bo boholo haholo, le hore mehopolo ea lipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.” Tsimoloho 6:5. Batho ba phetseng lefatšeng pele ho moroallo oa metsi, ba ne phela ka litakatso le menahano ea bona e fosahetseng. ‘Me ka lebaka la bokhopo ba bona ba ile ba timetsoa. Le kajeno lefatše le latela mekhoa e tšoanang le ea mehleng eo. Ba tlolang molao oa Molimo ba tlatsa lefatše ka bokhopo. Meharo ea bona, ho hloka boitšoaro le mekhoa e litšila e sa thapeng li ata ka potlako, li tlatsa tšenyeho lefatšeng lohle.EN 428.5

    Kreste A boela A re, “‘Me ka baka la ho ata ha bokhopo lerato la ba bangata le tla qepha. Empa ea tla tiisetsa ho fihlela qetellong, eena o tla pholosoa. Molaetsa ona o molemo oa ‘Muso o tla phatlalatsoa lefatšeng lohle, e le bopaki ho lichaba tsohle, ‘me ebe joale ho tla bofelo.” Paulosi o ile a bua ka molaetsa o molemo, o “phatlalletsoang libōpuoa tsohle tse tlas’a letsatsi,” pele ho tšenyeho ea Jerusalema. Bakolose 1:23. Le hona joale, molaetsa o molemo, o sa feleng, o tšoanetse ho bolelloa “baahi ba lefatše, ba mefuta eohle, le ba melōko eohle, le ba lipuo tsohle, le ba lichaba tsohle.” Tsenolo 14:6. Mona, Kreste ha A bolele hore lefatše lohle le tla sokoloha, empa O bolela hore “Molaetsa ona o molemo oa ‘Muso o tla phatlalatsoa lefatšeng lohle, e le bopaki ho lichaba tsohle, ‘me ebe joale ho tla bofelo.” Ka ho bolela Molaetsa ona o molelmo lefatšeng lohle, re kenya letsoho ho potlakisa ho khutla ha Morena. Ha rea lokela ho lebella feela, empa re lokela ho potlakisa ho tla ha letsatsi la Molimo. Sheba II Petrose 3:12. Hoja kereke ea phethisa thomo eo Morena A e fileng eona, lefatše lohle le ka be le ile la fumana temoso ena e sale ka nako, ‘me Jesu A kabe A se A khutlile.EN 429.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents