Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 2—BATHO BA NENG BA TŠOANELA HORE EBE BA MO AMOHETSE

    Bajuda ha esale ba leta ho tla ha Mopholosi nako e fetang lilemo tse sekete. Empa ho fihleng ha Hae ha ba ka ba Mo tseba. Ha ba ka ba boha botle ho Eena, hore ba tie ba khahloe ke Eena. Sheba Esaea 53:2. “Le ne le tlile hahabo Iona, empa ba habo Iona ha baa ka ba le amohela.” Johanne 1:11.EN 17.1

    Molimo O ile Oa khetha Iseraele ho bōlōkela lefatše lipontšo le boporofeta bo supang pele ho Mopholosi, e tle ebe liliba tsa topollo ho lefatše. Baheberu ba ne ba lokela ho ba sechaba se tlang ho senola Molimo ho lichaba. Ha A bitsa Aborahama, Morena O ile A re, “Ka uena lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa.” Tšimoloho 12:3. Morena A phatlalatsa ka Esaea “hobane ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo, ea lichaba tsohle.” Esaea 56:7EN 17.2

    Empa Iseraele a tsepamisa tšepo eohle ea hae holim’a botumo ba lefatše, ‘me a latela litsela tsa bohedene. Ha ho a thusa letho leha Molimo O ile Oa romella molaetsa oa tlhokomeliso ka baporofeta ba Hae; leha A se A bile A ba shapa ka hore ba sotloe ke bahedene. Tsosoloso e ‘ngoe le e ‘ngoe e ile ea lateloa ke bokoenehi bo tebileng ho feta.EN 17.3

    Hoja e be Iseraele o ile a tšepahala ho Molimo, a ka be a ba entse hore ka “thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kaholimo ho lichaba tsohle tseo a li bōpileng.” “Mahlong a lichaba tse tla utloa melao ena eohle, ‘me li re: ‘Ruri sechaba sena se seholo ke sechaba se bohlale, se nang le kutloisiso.” Lipolelo 26:19; 4:6.EN 17.4

    Empa ka ho se tsepahale ha bona, leano la Molimo le tsebile ho phethoa; feela tlas’a maemo a thata le matšoenyeho. Ba ile ba tlisoa Babilona, ‘me ba hasana le linaha tsa bahedene. Eare ho Ileng ha bona, ha ba llela tempele e halalelang e entsoeng lithako, ka bona tsebo ea Molimo ea phatlalla ho lichaba. Tsela eo bahedene ba neng ba etsa litšebeletso tsa bona tsa mahlabelo, e ne e le mokhoa oo Molimo A ileng A o khetha, feela o se o etsoa ka mokhoa o fetellelitsoeng ke bahedene. Eaba bongata bo ithuta moelelo oa ‘nete oa litšebeletso tse halalelang tsa Molimo ho Baheberu bana, ‘me ka tumelo ba itsoarella litšepisong tsa Mopholosi.EN 18.1

    Batšoaruoa ba bangata ba ile ba lahleheloa ke maphelo a bona hobane ba ile ba hana ho roba Sabatha, leha e le ho bōlōka mekete ea bohedene. Eare ha bakhumameli ba melimo ea litšoantšo ba phahama ho ripitla ‘nete, Morena A tlisa bahlanka ba Hae pel’a marena le babusi, hore marena ana hammoho le batho ba ona a tle a fumane leseli. Marena a maholohali a qetella a rōka Molimo O neng o khumameloa ke batšoaruoa ba bona ba Baheberu.EN 18.2

    Lilemong tse makholo tse latelang nako ea bokhoba ba Babilona, Baiseraele ba ile ba phekoleha borapeling ba melimo e betliloeng, ‘me matsoalo a bona a ba kholisa hore ba tsepamise katleho ea bona hore e itsetlehile feela ha ba mamela molao oa Molimo. Empa ba bangata ba ne ba sebeletsa Molimo tlas’a maikutlo a boikaketsi ba lefeela. Ba ne ba etsa litšebeletso tsa Molimo e le feela hore chaba sa habo bona se hlomphehe. Ha ba ka ba eba leseli la lefatše, empa ba itšeka thajana ka morero oa ho baleha meleko. Molimo O ne O ba thibetse ho ikopanya le barapeli ba litsoantšo e le hore ba se ikamahanye le liketso tsa bahedene. Empa lithuto tsena li ile tsa tolokoa ka mokhoa o sele. Li ile tsa sebelisoa e le ho haha lerako pakeng tsa Baiseraele le lichaba tse ling. Haele hantle Bajuda ba ne ba le mōna ba re esere Molimo oa hauhela le bona BalichabaEN 18.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents