Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Boikarabelo Ba Molisa Ea Tsepahalang

    Linaheng tsa Bochabela, ho alosa mohlape, e ne e le mosebetsi oa nako eohle, o sa khathatseng ho molisa. Masholu kapa libatana li ne li lalla mohlape ho o bolaea. Molisa o ne a alosa a sa tsotelle se tla etsahala ka bophelo ba hae. Jakobo, ea neng a alosa mohlape oa Labane, a re, “Motšeare letsatsi le ne le nchesa, bosiu ke hatsela, ‘me ke hlobaela. Ke sco ke neng ke le sona.” Tsimoloho 31:40. Moshanyana Davida, ha a ntse a lisitse linku tsa ntat’ae, o ile a pholosa makonyana a neng a utsoitsoe ke tau le phiri, a sa hlomela ka letho.EN 326.3

    Maqhama a tiileng a kopanya molisa le se tlas’a bolisa ba hae. Nku e ‘ngoe le e ‘ngoe e na le lebitso ‘me e utloa pitso ea molisa. E, le molisa ea molemo O tseba mohlape oa Hae o hasahasaneng kahohle lefatšeng. Jesu, O re, “Ke u bitsitse ka lebitso, ke u bitsitse, u oa ka.” Esaea 43:1. Jesu O tseba e mong le e mong oa rōna ka bonngoe, ‘me O re utloela bohlōkō ka mefokolo ea rōna. O tseba matlo ao re phelang ka ho oona. O kile A rōma basebetsi ba Hae ho ea seterateng se itseng, motse-moholo o itseng, ntlong e itseng, ho ea fumana e ‘ngoe ea linku tsa Hae.EN 327.1

    Jesu O tseba motho e mong le e mong ka botlalo, joalokaha e ka ke eena a le mong feela, eo Mopholosi A mo shoetseng. Matšoenyeho a e mong le e mong a ama pelo ea Hae. O tlile ho hulela motho e mong le e mong ho Eena. O tseba hore na ke mang ea utloang pitso ea Hae ka thabo, ‘me ea itlhopetseng ho ba tlas’a tlhokomelo ea Hae. O re, “Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, kea li tseba, ‘me lia ntatela.”EN 327.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents