Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Hloka T5ka Ha Qoso Ea Kreste

    Lekhotla la Sanhcdrin le boletse Jesu a lōkeloa ke lefu, empa e ne e le khahlanong le molao ea Bajuda ho qosa motšoaruoa bosiu. Qosong ea molao, ho ne ho ke ke ha etsoa letho haese motšehare, ka pele ho moifo o felctseng oa lekhotla. Ho sa natsoc hona, Mopholosi joale A tšoaroa joaleka scsinyi se tsuocng, A etsoa hampe le ke ba tlase-tlase molōkong oa botho. A fctisoa mabaleng. Jesu A lebisoa moo A il’o koalloa, ‘me kahohle A teana le litšomo tsa hore O ipita Mor’a Molimo. Mantsoe a Hae a reng, “a e-tla a le holim’a maru a leholimo” a ne a phetoa ka ho soma le ho phoqa. Ha A ntse A koaletsoe moo A neng A emetse qoso ea molao, Jesu O ne A sa tšireletsoa, ‘me schlopha se hlokang tsebo sa ipha matla ho etsa mekhoa ea bona eohle ea bosatane. Mohau le tōka tsa hatakeloa holimo. Ha ho sesinyi se kileng sa tšoaroa hampe joaleka Mor’a Molimo.EN 473.4

    Empa ho na le kotlo e bileng bohlōkō ho feta tsohle tse tsoileng letsohong la sera. Ha A ntse A hlahlojoa kapele ho Kaiafa, Kreste O ne A latoloe ke e mong oa barutuoa ba Hae.EN 474.1

    Petrose le Johanne ba ile ba ikhathatsa ho latela sechaba se neng se tšocre Jesu, feela ba tsamaela thōko. Baprista ba hlokomela Johanne ‘me ba mo amohella ka tlung, ka tšepo ea hore etlare ha a bona Moetapele oa hae A tlontlolloa o tla lahla maikutlo a hore motho ea joalo ekaba Mor’a Molimo. Johanne a buella Petrose, ‘me le eena a lumelloa ho kena.EN 474.2

    Ka khotla ho ne ho besitsoe mollo, hoba ho ne ho bata, ka ha meso e ne e le haufi. Sehlopha sa atamela mollong, ‘me Petrose le eena a lula le bona. Ka ho itsoakanya le bona, o ne a lakatsa hore a nkoe e le e mong oa ba tlisitseng Jesu khotla.EN 474.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents