Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tōka E Tsoakoa Le Mohau

    Ka Jesu, Mohau oa Molimo o phethahalitsoe ho motho; empa mohau ha o behelle tōka kathōko. Molao o ke ke oa fetoloa, empa Molimo O ikentse sehlabelo ka Kreste, sebakeng sa pholoso ea motho. “Molimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatše le eena ka Kreste, ka ho ba leballa libe tsa bona.” 2 Bakorinthe 5:19.EN 510.2

    Molao o batla bophelo ba ho lōka, le semelo se phethahetseng, ‘me motho ha a na tsona. Empa Krete, e le motho, O phetse bophelo bo halalelang ‘me A ba le semelo se phethahetseng. Tsena O li fana e le mpho ea mahala ho bohle ba Mo amohelang. Bophelo ba Hae bo emela bophelo ba batho. Ka hona ba fumana tšoarelo ea libe tse fetileng. Ho feta moo, Kreste O apesa batho ka limelo tsa Molimo. O aha semelo sa botho ka ho tšoana le semelo sa bo-Molimo. Joale ho “lōka ha molao” ho phethahatsoa ka ho molumeli ka Kreste. Molimo O bontsa “hore eena o lokile, ‘me o lokafatsa ea lumelang ho Jesu.” Baroma 3:26.EN 510.3

    E ne e le morero oa Satane ho arohanya mohau ho ‘nete le tōka. Empa Kreste A bontša hore morerong oa Molimo li kopane ‘moho; ha ho ho ka phelang kantle ho ho hong. “Ho loka le khotso li tla akana.” Pesalema 85:11.EN 510.4

    Ka bophelo ba Hae le lefu, Kreste A paka hore toka ea Molimo ha e senye mohau oa Hae, empa sebe se ka tšoareloa, hape molao o lōkile, ‘me o ka hlonephuoa ka ho phethahala. Liqōso tsa Satane tsa hlōloa.EN 510.5

    Thetso e ‘ngoe oa tlisoa. Satane a bolela hore lefu la Kreste le hlakotse molao oa Ntate. Haeba ho ne ho ka etsahala hore molao o fetoloe kapa o hlakoloe, ho ka be ho sa hlokahala hore Kreste A shoe. Empa ha ho hlakoloa molao, ho ne ho tla etsa hore tlolo ea molao e be teng ka ho sa feleng, ‘me e be ho beha lefatše pusong ea Satane. Kahobane molao ha o fetohe, Jesu O ile A fanyehoa sefapanong. Athe mokhoa oo Kreste a tiisitseng molao ka oona Satane o o hlahisa e le ho hlakola molao. Ke ena taba e tla hlahisa qabang ea ho qetela ea toantšano e kholo pakeng tsa balateli ba Kreste le ba Satane.EN 511.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents